Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 15:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ka selemo sa bobedi sa Peka, mora Remalia, morena wa Iseraele, Jothame, mora Osiase, morena wa Juda, a qala ho busa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Ka selemo sa bobedi sa puso ya Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, Jotame, mora wa Usiya, kgosi ya Juda, a qala ho busa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 15:32
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme setjhaba sohle sa Juda sa nka Asaria, a le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, sa mmea morena tulong tsa ntatae Amatsia.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa Jeroboame, morena wa Iseraele, Asaria, mora Amatsia, morena wa Juda, a qala ho busa.


Shallume yena, mora Jabeshe, a qala ho busa ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa Osiase, morena wa Juda; a busa Samaria ka kgwedi e le nngwe.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa Asaria, morena wa Juda, Menaheme, mora Gadi, a qala ho busa Iseraele, a busa ka dilemo tse leshome Samaria.


Ka selemo sa mashome a mahlano sa Asaria, morena wa Juda, Pekakia, mora Menaheme, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria, a busa ka dilemo tse pedi.


Ka selemo sa mashome a mahlano a metso e mmedi sa Asaria, morena wa Juda, Peka, mora Remalia, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria, a busa ka dilemo tse mashome a mabedi.


Yaba Osea, mora Ela, o fetohela Peka, mora Remalia, a mo hlaba, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae, e le ka selemo sa mashome a mabedi sa Jothame, mora Osiase.


Haele taba tse ding tsa Peka le tsohle tseo a di entseng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.


O ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Tsadoke.


Empa Jehova a otla morena, ya eba molepera ho isa ho shweng ha hae, a dutse tlung e kathoko. Mme Jothame, mora morena, a bewa modisa wa ntlo ya morena, a ahlolela setjhaba sa lefatshe.


Yaba Asaria o orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida, mme Jothame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


mora wa hae ke Amatsia, mora wa hae ke Asaria, mora wa hae ke Jothame,


Kaofela ha bao ba ne ba ntse ba balwa masikeng a bona mehleng ya Jothame, morena wa Juda, le mehleng ya Jeroboame, morena wa Iseraele.


Tshenolo ya Esaia, mora Amotse, eo a e senoletsweng hodima Juda le Jerusalema, mehleng ya Osiase, le ya Jothame, le ya Akase, le ya Esekiase, marena a Juda:


Ke lena lentswe la Jehova le neng le tlele Mikea wa Moreshethe, mehleng ya Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, e leng tseo a di boneng hodima Samaria le Jerusalema:


Osiase a tswala Jothame; Jothame a tswala Akase; Akase a tswala Esekiase;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ