Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 15:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ka selemo sa mashome a mahlano a metso e mmedi sa Asaria, morena wa Juda, Peka, mora Remalia, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria, a busa ka dilemo tse mashome a mabedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Ka selemo sa mashome a mahlano a metso e mmedi sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Peka, mora wa Remaleya, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 15:27
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa Jeroboame, morena wa Iseraele, Asaria, mora Amatsia, morena wa Juda, a qala ho busa.


Shallume yena, mora Jabeshe, a qala ho busa ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa Osiase, morena wa Juda; a busa Samaria ka kgwedi e le nngwe.


O ne a le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng ha a qala ho busa, mme a busa ka lemo tse mashome a mahlano a metso e mmedi Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jekolia wa Jerusalema.


Ka selemo sa mashome a mahlano sa Asaria, morena wa Juda, Pekakia, mora Menaheme, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria, a busa ka dilemo tse pedi.


Yaba Peka, mora Remalia, tona ya hae, o a mo fetohela, a mo hlaba Samaria, qhobosheaneng ya ntlo ya borena, ba ena le Argobe, le Arie, le banna ba mashome a mahlano ba Gileade; a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.


Haele taba tse ding tsa Pekakia, le tsohle tseo a di entseng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova; a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.


Tshiung tseo, Jehova a qala ho romela Juda Retsine, morena wa Siria, le Peka, mora Remalia, ho lwantsha Juda.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng meno e mmedi sa Asaria, morena wa Juda, Sakaria, mora Jeroboame, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka kgwedi tse tsheletseng.


hobane Peka, mora Remalia, o kile a bolaya Bajuda ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi ka tsatsi le le leng, e le banna ba bahale kaofela, e le kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.


Mehleng ya Akase, mora Jothame, mora Osiase, morena wa Juda, Retsine, morena wa Siria, le Peka, mora Remalia, morena wa Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba sitwa ho o thibella.


Ere ho yena: O itebele, empa o itulele, pelo ya hao e se ke ya fokodiswa ke dirumula tseo tse pedi tse kubellang; se tshabe bohale bo tjhesang ba Retsine, le ba Siria, le ba mora Remalia.


Motse wa moreneng wa Efraime ke Samaria, mme hlooho ya Samaria ke mora Remalia. Ha le sa dumele, ruri le ke ke la tiya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ