Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 15:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Yaba Peka, mora Remalia, tona ya hae, o a mo fetohela, a mo hlaba Samaria, qhobosheaneng ya ntlo ya borena, ba ena le Argobe, le Arie, le banna ba mashome a mahlano ba Gileade; a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Peka, mora wa Remaleya, molaodi wa mabotho a hae, a ena le Aregobe le Are, le banna ba mashome a mahlano ba Bagileade, a mo rera, mme a mmolaela Samaria ka qhobosheaneng e kahare ho ntlo ya kgosi. Peka a mo hlahlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 15:25
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Simri, ha a bona hoba motse o ya kenwa, a kena qhobosheaneng ya ntlo ya borena, a itjheseletsa tlung ya morena, a shwa.


Yaba mohlanka wa hae Simri, molaodi wa makoloi a mang a hae, wa mo fetohela. Ela o ne a le Thirtsa, a ntse a enwa, a tahwa ka tlung ya Artsa, molebedi wa ntlo ya hae e Thirtsa.


Ebile Shallume, mora Jabeshe, o mo fetohela, a mo hlaba mahlong a setjhaba, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.


Haele taba tse ding tsa Pekakia, le tsohle tseo a di entseng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.


Ka selemo sa mashome a mahlano a metso e mmedi sa Asaria, morena wa Juda, Peka, mora Remalia, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria, a busa ka dilemo tse mashome a mabedi.


Jehu, mora Josafate, mora Nimshi, a fetohela Jorame jwalo. Yena o ba a ile le Baiseraele bohle ho sireletsa Ramothe-Gileade, ka baka la Hasaele, morena wa Siria.


Ha a fihla, a bona balaodi ba makgotla ba dutse, a re: Ke na le taba le wena, monghadi. Jehu a re: Le mang ho rona moo? A re: Le wena, monghadi.


hobane Peka, mora Remalia, o kile a bolaya Bajuda ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi ka tsatsi le le leng, e le banna ba bahale kaofela, e le kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.


Mehleng ya Akase, mora Jothame, mora Osiase, morena wa Juda, Retsine, morena wa Siria, le Peka, mora Remalia, morena wa Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba sitwa ho o thibella.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ