Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 15:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba Pule, morena wa Assiria, o futuhela lefatshe la Iseraele; empa Menaheme a nyehella Pule ka talenta tse sekete tsa silefera, hore a mo thuse ho tiisa mmuso letsohong la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Pule, kgosi ya Asiria, a futuhela naha ya Iseraele. Menaheme a thella Pule ka silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene hore Pule a tle a mo thuse, a mo tsitsise bokgosing.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 15:19
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile Joase, morena wa Juda, o nka tsohle tse kgethetsweng Jehova ke Josafate le Jorame le Akasia, bontatae, marena a Juda, le tse kgethilweng ke yena, le kgauta yohle a fumanweng polokelong ya ntlo ya Jehova le ho ya ntlo ya morena, a di romela ho Hasaele, morena wa Siria; yaba o tlohela ho ya Jerusalema.


Eitse mmuso ha o tiile letsohong la hae, a bolaya bahlanka ba hae ba bolaileng morena ntatae.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla ka tshiu tsohle tsa hae dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.


Menaheme a ntshisa Iseraele lekgetho la tjhelete tseo, a re, bohle ba ruileng ba ntshetse morena wa Assiria, motho ka mong a ntshe dishekele tse mashome a mahlano tsa silefera. Ebile moo morena wa Assiria a kgutlang, a se ke a dula lefatsheng la Iseraele.


Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.


Akase a nka silefera le kgauta tseo a di fumaneng ka tlung ya Jehova le bobolokelong ba ntlo ya marena, a di romela ho morena wa Assiria ka mokgwa wa nyehelo.


Mohlang oo, Esekiase a manamolla kgauta e mamating a tempele ya Jehova, le e difateng tsa menyako, tseo Esekiase, morena wa Juda, a neng a di manehile, a e nea morena wa Assiria.


Mme jwale, Modimo wa rona, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau; o se ke wa re, a manyenyane mahlomola ao a re hlahetseng, rona le marena a rona, le dihlooho tsa rona, le baprista ba rona, le baporofeta ba rona, le bontata rona, le setjhaba sa hao kaofela, haesale mehleng ya marena a Assiria ho tla fihla tsatsing la kajeno.


Baassiria le bona ba ikopantse le bona, ba adimile bana ba Lota matsoho a bona. (Sela.)


Empa lefifi le ke ke la nna la eba teng lefatsheng le leng tsietsing jwale; erekaha mehleng ya pele a swabisitse lefatshe la Sabulone le la Nefthali, mehleng ya qetello o tla tumisa naha e sikang le lewatle, le e mose wane wa Jordane, e leng Galelea wa baditjhaba.


Jehova o re: Ho rohakilwe motho ya itshepelang motho, ya etsang nama matla a hae, eo pelo ya hae e furaletseng Jehova.


Iseraele ke nku e lehlahileng, e phallelwang ke ditau; ka la pele morena wa Assiria o kile a mo ja; ka lena la morao, Nebukadresare, morena wa Babilona, o mo robakile masapo.


Leha e ne e le wa ka, Ohola a boka, a ratana haholo le barati ba hae, e leng batho ba Assiria ba ahisaneng le yena,


Leha e le yona, e tla iswa Assiria, e be nyehelo ho morena Jarebe (motseki). Efraime o tla hlajwa ke dihlong, Iseraele a swabe ka baka la seo a se pheheletseng.


Efraime o bone pabo ya hae, le Juda o bone seso sa hae; Efraime o ile ho Baassiria, o rometse ho morena Jarebe (motseki); empa eo a ke ke a tseba ho le thusa, a ke ke a fodisa seso sa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ