Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 15:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ebile Shallume, mora Jabeshe, o mo fetohela, a mo hlaba mahlong a setjhaba, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Shalome, mora wa Jabeshe, a mo rera, a mo hlaba pontsheng ya batho, a mmolaya, mme a ikgapela puso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 15:10
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baesha a mmolaya ka selemo sa boraro sa Asa, morena wa Juda, mme a busa tulong tsa hae.


Ke bahlanka ba hae, Josakare, mora Shimeathe, le Josabade, mora Shomere, ba mmolaileng; a shwa, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida; mme Amatsia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ebile ba bang ba mo fetohela Jerusalema, a mpa a balehela Lakishe; yaba ba mo phallela ho fihla Lakishe, ba mmolaela teng.


Haele taba tse ding tsa Sakaria, le tsona di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.


Yaba Menaheme, mora Gadi, o tloha Thirtsa, a tla Samaria, a hlaba Shallume, mora Jabeshe, Samaria, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.


Menaheme a ntoo orohela ho bontatae; mme Pekakia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Yaba Peka, mora Remalia, tona ya hae, o a mo fetohela, a mo hlaba Samaria, qhobosheaneng ya ntlo ya borena, ba ena le Argobe, le Arie, le banna ba mashome a mahlano ba Gileade; a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.


Yaba Osea, mora Ela, o fetohela Peka, mora Remalia, a mo hlaba, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae, e le ka selemo sa mashome a mabedi sa Jothame, mora Osiase.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, jwalokaha ho no ho entse bontatae, a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.


Empa Jehu a fula ka seqha, a hlaba Jorame pakeng tsa mahetla, motsu wa ba wa tla tswa pelong ya hae; mme a wela koloing ya hae.


Jehu, ha a kena ka kgoro, Jesebele a re: Na ke kgotso, wena Simri, mmolai wa monga hao?


Bohle ba tjhesa jwaloka sebopi ba ja baahlodi ba bona; marena wohle a bona a timela; ho wona ha ho ya bitsang ho nna.


Bona ba beile marena, empa e seng ka taelo ya ka, ba beile babusi, athe ha ke tsebe. Ka kgauta ya bona le ka silefera ya bona ba iketseditse ditshwantsho, ba tle ba fediswe.


Nqalo tse diphahameng tsa Isaaka di tla senngwa, le nqalo tse kgethehileng tsa Iseraele di fediswe, mme ke tla phahamela ntlo ya Jeroboame ka lerumo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ