Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 14:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Haele taba tse ding tsa Jeroboame, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a boetseng a hapela Iseraele Damaseka le Hamathe wa Juda kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Diketso tse ding tsa Jeroboame, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a neng a lwane kateng, le kamoo a ileng a hapela Iseraele Damaseka le Hamate kateng, tseo e neng e le tsa Juda, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 14:28
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a ntoo bea bahlabani naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgotho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


A ya, a ipokellela banna, a ipea monga letshwele; ke mohla Davida a hlotseng Basiria. Ba ntoo ya Damaseka, ba dula teng, ba busa Damaseka.


Taba tse ding tsa Jeroboame, kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a busitseng kateng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.


Ha e le taba tse ding tsa Akasia, le tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ho phela ha marena a Iseraele?


Ebile Joase o orohela ho bontatae, a patwa Samaria ho marena a Iseraele, mme Jeroboame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Yaba Jeroboame o orohela ho bontatae, ho marena a Iseraele, mme Sakaria mora hae ya eba morena tulong tsa hae.


Kaofela ha bao ba ne ba ntse ba balwa masikeng a bona mehleng ya Jothame, morena wa Juda, le mehleng ya Jeroboame, morena wa Iseraele.


Ke tla roba mekwallo ya Damaseka, ke fedise ba ahileng thoteng ya Afene, le ya tshwereng lere la borena Bethe-Edene, mme setjhaba sa Siria se tla iswa Kire kgolehong: ho itswalo ke Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ