Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 14:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Athe Jehova o ne a sa ka a re, o tla hlakola lebitso la Iseraele tlasa mahodimo; a mpa a ba pholosa ka Jeroboame, mora Joase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Morena o ne a sa ka a re o tla hlakola lebitso la Iseraele lefatsheng; ka hona a ba pholosa ka Jeroboame, mora wa Jehowashe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 14:27
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela, a retelehela ho bona ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa, kahobane a ne a eso ho rate ho ba lahlela hole le yena.


Jehova a nea Iseraele monamodi, ba namolelwa matsohong a Basiria, mme bana ba Iseraele ba boela ba aha ditenteng tsa bona jwaloka pele.


Naamane, molaodi wa makgotla a Siria, e be e le motho e moholo pela monga hae; o ne a roriswa, hobane Jehova a ne a pholositse Siria ka yena; empa monna eo ya matla, ya bohale, e ne e le molepera.


Ba hlakolwe bukeng ya ba phelang, ba se ke ba ngolwa le ba lokileng!


Ka baka leo, etlere hobane Jehova, Modimo wa hao, a o nee phomolo ka ho fedisa dira tsa hao kaofela tse o teetseng hare, lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho ba lefa le ruwang ke wena, o hlakole lebitso la Baamaleke tlasa lehodimo. O se ke wa ba lebala.


Jehova o tla hana ho mo tshwarela; empa kgalefo ya Jehova le poulelo ya hae di tla tukela motho eo; dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng ena di tla mo wela hodimo; mme Jehova o tla hlakola lebitso la hae tlasa lehodimo.


Ntesele, mme ke tla ba fedisa, ke hlakole lebitso la bona tlasa lehodimo, mme wena ke tla o etsa setjhaba se fetisang sena ka matla le ka bongata.


Ya hlolang, yena o tla apeswa diaparo tse tshweu, mme nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae pela Ntate le pela mangeloi a hae.


Ha ho le jwalo, le Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo; hobane ho kgahlile Jehova ho le etsa setjhaba sa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ