Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 14:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa Amatsia, mora Joase, morena wa Juda, Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele, a qala ho busa Samaria, a busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Amasia, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a qala ho busa, a le Samaria. A busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 14:23
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a ntoo re ho Jehu: Erekaha o phethile hantle tse leng ntle mahlong a ka, wa etsa ka ntlo ya Akabe ka tsohle tse neng di le pelong ya ka, bara ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.


Joase a orohela ho bontatae, mme Jeroboame a dula teroneng ya hae; Joase yena a patwa Samaria ho marena a Iseraele.


Ka selemo sa bobedi sa Joase, mora Joakase, morena wa Iseraele, Amatsia, mora Joase, a qala ho busa Juda.


Haele taba tse ding tsa Joase, tseo a di entseng, le matla a hae, le kamoo a lwantshitseng Amatsia, morena wa Juda kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Ebile Joase o orohela ho bontatae, a patwa Samaria ho marena a Iseraele, mme Jeroboame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Yena a haha Elathe, a o busetsa ho Juda, morena a se a orohetse ho bontatae.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.


Athe Jehova o ne a sa ka a re, o tla hlakola lebitso la Iseraele tlasa mahodimo; a mpa a ba pholosa ka Jeroboame, mora Joase.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa Jeroboame, morena wa Iseraele, Asaria, mora Amatsia, morena wa Juda, a qala ho busa.


Kaofela ha bao ba ne ba ntse ba balwa masikeng a bona mehleng ya Jothame, morena wa Juda, le mehleng ya Jeroboame, morena wa Iseraele.


Ke lona lentswe la Jehova le neng le tlele Hosea, mora Beeri, mehleng ya Osiase, le Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele.


Ke wona mantswe a Amose, e mong wa badisa ba Tekowa, e leng ditaba tseo a di boneng bakeng sa Iseraele, mehleng ya Osiase, morena wa Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele, ha ho sa tla feta dilemo tse pedi, ho ntoo ba tshisinyeho ya lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ