Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 14:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Amatsia, morena wa Juda, mora Joase, mora Akasia, a tshwarwa ke Joase, morena wa Iseraele, Bethe-Shemeshe. Joase a ba a tla Jerusalema, a etsa sekgeo lerakong la Jerusalema, ho tloha monyakong wa Efraime, ho isa monyakong wa Kou, motopo wa sona e le ditswe tse makgolo a mane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Moo Bete-Shemeshe, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a thopa Amasiya, kgosi ya Juda, mora wa Jowashe, setloholo sa Akasiya. A fihla Jerusalema, a heletsa lerako la yona ho tloha kgorong ya Efraime, ho ya fihla kgorong e hukung. E ne e le sebaka se ka bang bolelele ba dimethara tse makgolo a mabedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 14:13
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le marako a Jerusalema a teelang motse hare a qhaqhwa ke makgotla wohle a Bakalde, a leng ho molaodi wa bahlabani ba morena.


Ba tshwara morena, ba mo tlisa ho morena wa Babilona, Ribla, mme a ahlolwa teng.


Yaba Jehova o ba tlisetsa balaodi ba makgotla a morena wa Assiria; ba tshwara Manasse ka dikgoketsane, ba mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme ba mo isa Babilona.


Eitse selemo ha se thwasa, morena Nebukadnesare a romela ho mo lata, a mo tlisa Babilona, a nka le mesebetsi ya bohlokwa ya ntlo ya Jehova; mme a bea Tsedekia, ngwanabo, morena wa Juda le Jerusalema.


Nebukadnesare, morena wa Babilona, a mo futuhela, a mo tlama ka mahlaalela a koporo, a mo isa Babilona.


le kahodimo ho monyako wa Efraime, le monyako wa Kgale, le monyako wa Dihlapi, le tora ya Kananeele, le tora ya Hammea, ho ya fihla monyakong wa Dinku, mme ba ema monyakong wa Teronko.


Kahoo, setjhaba sa ya lata makala, mme ba iketsetsa metlotlwane, e mong le e mong hodima ntlo ya hae, kapa lebaleng la hae, le mabaleng a ntlo ya Modimo, le lepatlelong la monyako wa Metsi, le lepatlelong la monyako wa Efraime.


Boikgohomoso bo etella timelo pele, boikgantsho bo isa ho weng.


Boikgohomoso ba motho bo a mo kokobetsa, empa ya pelo e ikokobetsang o tla finyella kganyeng.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao motse o tlang ho hahelwa Jehova ka wona, ho nka toreng ya Hananeele ho isa monyakong wa Kou.


Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.


Lefatshe lohle, ho tloha Geba ho isa Rimmone, e leng ka nqa borwa ho Jerusalema, le tla fetoha, le be jwaloka lehwatata; Jerusalema o tla phahama, a dule setsheng sa hae, ho tloha monyakong wa Banjamine, ho isa sebakeng sa monyako wa Pele le monyakong wa Ntlha, le ho tloha toreng ya Hananeele ho isa dihatelong tsa veine tseo e leng tsa morena.


Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ