Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 14:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ho hlola, o fela o hlotse Baedomo, mme pelo ya hao e ikakasitse; o ithorise kahoo, o mpe o dule ha hao; na o ikenyetsang bomadimabeng, hore ho we wena le Juda hammoho?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 O fela o hlotse Baedomo, jwale o se o le makokonyana! Thabela hona, o itulele ha hao. O ratelang ho ikenya tsitsing e tla o timetsa, e be e timetse le setjhaba sa Juda?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 14:10
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A bolaya Baedomo ba dikete tse leshome, Thoteng ya Letswai; a nka Sela ka ntwa, a o rea lebitso la Joktheele (o hapilweng ke Jehova); le kajeno ke lona.


Empa eitse hobane a iphe matla, pelo ya hae ya ikakasa ho fihlela a ba a etsa sebe, a sitelwa Jehova, Modimo wa hae; hobane a kena tempeleng ya Jehova a tle a tjhese dibano aletareng ya dibano.


Empa Esekiase ha a ka a busetsa ho Modimo ho lekanang le tshitso e mo tletseng, hobane pelo ya hae e kile ya ikakasa; yaba Jehova o a mo halefela, yena, le Juda, le Jerusalema.


Neko a mo romela manqosa, a re: Ke na le taba efe le wena, morena wa Juda? Ha ke futuhele wena kajeno, ke mpa ke futuhela ntlo eo ke lwanang le yona; Modimo o itse, ke phakise. Lesa, wena, ho hanela Modimo o nang le nna, esere wa o timetsa.


Moshe a re ho Faro: Mpeele nako eo ke tlang ho o rapella ka yona, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tlohe ho wena, le matlung a hao, di sale nokeng feela.


Motho ya bohale o hotetsa phapang; empa ya diehang ho hlonama o tima dikomang.


Boikgohomoso bo etella timelo pele, boikgantsho bo isa ho weng.


Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, kgang ha e eso ho hotele, o e tlohele.


Ke thoriso ho motho ho intsha tsekong; empa lehlanya le phehella ho yona.


O se ke wa phaka wa ya nyeweng, esere mohlomong qetellong wa kena tsietsing, ha o se o hlotswe ke wa heno.


Mofetakatsela ya kenang komang tsa ba bang ka bohale, o tshwara ntja ka ditsebe.


O se ke wa tsekisana le motho feela, ha a se na molato le wena.


ka boholo ba bohlale ba hao, le ka kgwebo ya hao, o atisitse leruo la hao, mme pelo ya hao e ikgohomositse ka mafumo a hao;


Morena Jehova o re: Na hase wena eo nkileng ka bolela tsa hao, mehleng ya boholoholo, ka bahlanka ba ka, baporofeta ba Iseraele, ba porofetileng mehleng eo ka dilemo tse ngata, ba itse, ke tla o tlisa hore o ba lwantshe?


Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa Gogo, naheng ya Magogo, ho morena wa Roshe, Mesheke le Tubale, o mo porofetele.


ba ena le Bapersia, le Bakushe, le Baputhe, ba nang le dithebe le diheleme kaofela ha bona;


Mme makgotla a hae a tla ikakasa, pelo ya hae e ikgohomose hampe, mme o tla diha mashome a dikete; leha ho le jwalo, a ke ke a hlola.


Bona, moya wa hae o hohomohile, ha o a loka ka ho yena; empa ya lokileng o tla phela ke tumelo ya hae.


Hape, veine e a thetsa; monna ya ikakasang a ke ke a tiya. Eo ya ahlamisitseng moya wa hae jwaloka lebitla, ya tshwanang le lefu, ya se nang ho kgolwa, ya ipokellelang ditjhaba tsohle, ya ipokanyetsang merabe yohle ...


pelo ya hao ya ikgohomosa, mme wa lebala Jehova, Modimo wa hao, ya o nyolotseng naheng ya Egepeta, tlung ya bohlanka;


Modumedi wa mofutsana a ithabele boholong ba hae.


Athe o re ekeletsa tshitso, mme ke ka baka leo Lengolo le reng: Modimo o hanela baikgohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Abimeleke a atamela tora, a e lwantsha, mme a atamela pela monyako wa tora, ka ho re, o a o tjhesa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ