Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 13:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Joakase ha a ka a tlohellwa batho, haese bakalli ba mashome a mahlano, le makoloi a leshome, le dikete tse leshome tsa ba maoto; hobane morena wa Siria o ne a ba timeditse, a ba etsa jwaloka lerole ha le hatwa ka maoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Jehowakase a se ke a sallwa ke bahlabani, haese bapalami ba dipere ba mashome a mahlano, le dikariki tsa ntwa tse leshome, le bahlabani ba ditaaso ba dikete tse leshome. Kgosi ya Arame e ne e ba ripitlile, e ba entse hore ba be jwaloka lerole ha ho polwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 13:7
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moo, ka ba silakanya jwaloka lerole la lefatshe; ka ba hatakela, ka ba fiela jwaloka diretse tsa tsela.


Jwale, a bala bahlankana ba babusisi ba dikarolo tsa naha, ya eba batho ba makgolo a mabedi a mashome a mararo a metso e mmedi, a bala le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ya eba batho ba kete tse supileng.


Le bana ba Iseraele ba balwa, ba newa mefaho, ba ya ba kgahlanyetsa; bana ba Iseraele ba emisa mabapa le bona, ba le ka ka mehlatswana e mmedi ya dipodi. Basiria bona ba thibile naha.


Mohlang oo, Jehova a qala ho fokotsa naha ya Iseraele. Hasaele a ba hlola meeding yohle ya Iseraele.


Haele taba tse ding tsa Joakase, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Hasaele a re: O llelang, monga ka? A re: Ke kahobane ke tseba tse mpe tseo o tla di etsetsa bana ba Iseraele; o tla tjhesa diqhobosheane tsa bona; bahlankana ba bona o tla ba harinya ka sabole, bana ba bona o ba batanye majweng, o petsole le basadi ba bona bao e leng baimana.


Ka ba silakanya jwaloka lerole le nkwang ke moya, ka ba fiela jwaloka diretse tsa tsela.


Jwale, o ke o etse tumellano le monga ka, morena wa Assiria, ke o nee dipere tse dikete tse pedi, ha ekaba o ka ntsha bakalli ba ka di kallang!


Ke mang ya tsositseng motho botjhabela, eo poloko e tsamayang mehlaleng ya hae? Ke mang ya mo neetseng ditjhaba, ya kokobeditseng marena katlasa hae? O etsa marumo a bona lerole, seqha sa bona se ba jwaloka mooko o fefolwang.


Matshwele, matshwele a teng a lehlanahlana kgohlong ya kahlolo! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla ba teng kgohlong ya kahlolo.


Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Damaseka — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba hatisitse Gileade ka dilei tsa tshepe,


Ke ne ke romele hara lona lefu la sewa, le tshwanang le la Egepeta, ke ne ke bolaye bahlankana ba lona ka lerumo, dipere tsa lona tsa hapuwa, monko o tswang diahelong tsa lona ka o fihlisa dinkong tsa lona; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.


Yaba Samuele o a ema, a tloha Gilgale, a ya Gibea wa Benjamine. Saule yena a bala setjhaba se fumanweng se sa setse ho yena, ya batla e eba batho ba makgolo a tsheletseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ