Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 13:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa leha ho le jwalo, ha ba ka ba furalla dibe tsa ntlo ya Jeroboame, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona, ba mpa ba itsamaela ka tsona; esita le setshwantsho sa Ashtarothe sa sala Samaria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba tlohela dibe tsa ntlo ya Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena. Ba etsa dibe tseo; le setshwantsho sa Ashera sa se ke sa tloswa Samaria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 13:6
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.


A tsamaya dibeng tsohle tse entsweng ke ntatae pele, pelo ya hae yohle e se ya Jehova, Modimo wa hae, jwaloka pelo ya ntatae Davida.


A ya ka mehlala yohle ya Jeroboame, mora Nebathe, le ka sebe seo a sebisitseng Baiseraele ka sona, Jehova, Modimo wa Iseraele, a tle a halefiswe ke diketso tsa bona tsa bosawana.


Akabe a etsa le setshwantsho sa Ashtarothe, mme Akabe a etsa tse halefisang Jehova, Modimo wa Iseraele, ho fetisa marena wohle a Iseraele a bileng pele ho yena.


Leha ho le jwalo, haele dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, Jehu ha a ka a di kgeloha, e le manamane a kgauta a Bethele le Dane.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona; le yena a ya ka tsona.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, a se ke a di kgeloha.


Ba furalla melao yohle ya Jehova, Modimo wa bona, ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng manamane a mabedi, ba etsa le ditshwantsho tsa Ashtarothe, ba kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, ba sebeletsa le Baale.


A tlosa dinqalo tse diphahameng, a robaka ditshwantsho, a poma diashera, a robaka le noha ya koporo e entsweng ke Moshe, kahobane ho fihlela mehleng eo, bana ba Iseraele ba ne ba ntse ba e tjhesetsa dibano; a e rea Nehushtane (ntho ya koporo).


A boela a haha nqalo tse diphahameng, tse neng di qhaqhilwe ke ntatae Esekiase, a hahela Baale dialetare, a etsa setshwantsho sa Ashtarothe, jwalokaha ho ne ho entse Akabe, morena wa Iseraele; a kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, a a sebeletsa.


Morena a laela Hilkia, moprista e moholo, le baprista ba mo hlahlamang, le balebedi ba monyako, a re, ba phahle tempeleng ya Jehova mesebetsi yohle e etseditsweng Baale, le Ashtarothe, le makgotla wohle a lehodimo; a e tjhesa kantle ho Jerusalema, masimong a pela Kedrone, mme melora ya yona ya iswa Bethele.


Motho e mobe ha a ka hauhelwa, a ke ke a ithuta ho loka; esita leha a le naheng ya toka, e nne e be motho ya kgopo, mme ha a tadime boholo ba Jehova.


Empa seo le tshwanetseng ho ba etsa sona, ke sena: Le qhaqhe dialetare tsa bona, le bolaye ditshiya tsa bona, le reme diashera tsa bona, le tjhese ditshwantsho tsa bona tse betlilweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ