Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 13:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Joase yena, mora Joakase, a boela a hapa matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, metse e beng e hapilwe ke yena matsohong a ntatae ka ntwa. Joase a mo hlola hararo, a boela a rua metse eo ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Jehowashe, mora wa Jehowakase, a amoha Bene-Hadade, mora wa Hasaele, metse eo a neng a e hape ho Jehowakase, ntata Jehowashe. Jehowashe a hlola Bene-Hadade ka makgetlo a mararo, mme a hapa metse eo ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 13:25
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba hlola ba emellane jwalo, ka ditshiu tse supileng; ka la bosupa ya kopana; bana ba Iseraele ba bolaya Basiria ba dikete tse lekgolo ka tsatsi le le leng, e le ba tsamayang ka maoto.


Mohlang oo, Jehova a qala ho fokotsa naha ya Iseraele. Hasaele a ba hlola meeding yohle ya Iseraele.


A hapa naha yohle ya Gileade, e nqa botjhabatsatsi ho Jordane, e leng naha ya Bagade, le Barubene, le Bamanasse, ho tswa Aroere e nokeng ya Arnone, ho isa Gileade le Bashane.


Hasaele, morena wa Siria, a shwa, mme Ben-Hadade, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ebile Jehova o halefela Baiseraele, a ba neela matsohong a Hasaele, morena wa Siria, le matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, tshiung tsohle tsa Joakase.


Jehova a nea Iseraele monamodi, ba namolelwa matsohong a Basiria, mme bana ba Iseraele ba boela ba aha ditenteng tsa bona jwaloka pele.


A boela a lata moedi wa Iseraele, ho qala pela Hamathe ho isa lewatleng la Lehwatata, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a boletse ka mohlanka wa hae moporofeta Jonase, mora Amitthai, wa Gathe-Hefere.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ