Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 13:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela, a retelehela ho bona ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa, kahobane a ne a eso ho rate ho ba lahlela hole le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Morena a hauhela Baiseraele, a ba utlwela bohloko; a ba hlomohela ka lebaka la selekane sa hae le Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a se ke a rata ho ba timetsa, leha e le ho ba furalla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 13:23
36 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o re: Moya wa ka o ke ke wa nna wa eba ho motho kamehla, etswe le hona e le nama feela; ditshiu tsa hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi.


Leha ho le jwalo, mamela thapelo ya mohlanka wa hao le kopo ya hae, Jehova, Modimo wa ka; o mamele mohoeletso le thapelo eo mohlanka wa hao a rapelang pela hao ka yona kajeno.


Hasaele, morena wa Siria, a shwa, mme Ben-Hadade, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Joakase a rapela Jehova, mme Jehova a mo utlwa, ha a bona ho tshwenyeha ha Baiseraele, kamoo ba tshwenngwang kateng ke morena wa Siria.


Hobane Jehova o ne a bone matshwenyeho a Iseraele hobane a bohloko haholo, le kamoo ba ruilweng le ba sa ruwang ba neng ba le tsietsing kateng, ho se mothusi Iseraeleng.


Athe Jehova o ne a sa ka a re, o tla hlakola lebitso la Iseraele tlasa mahodimo; a mpa a ba pholosa ka Jeroboame, mora Joase.


Ka baka leo, Jehova a halefela Baiseraele haholo, a ba tlosa pela mahlo a hae, ho se ke ha sala letho, haese leloko la Juda le nnotshi.


Ebile moo Jehova a lahlang moloko wohle wa Iseraele, a ba kenya matshwenyehong, a ba neela matsohong a bahlorisi, a ba a ba lahlela hole le sefahleho sa hae.


Jehova a ba a tlosa Iseraele pela mahlo a hae, jwalokaha a ne a boletse ka bahlanka ba hae bohle, baporofeta. Baiseraele ba tloswa lefatsheng la bona, ba iswa Assiria kgolehong, ho fihlela tsatsi la kajeno.


Efela e bile ka kgalefo ya Jehova hoo ho hlahetseng Jerusalema le Juda, a ba a ba lahlela hole le yena. Tsedekia a ntoo fetohela morena wa Babilona.


O hopola selekane sa hae ka ho sa yeng kae, le lentswe leo a le laoletseng meloko e sekete:


e leng selekane seo a neng a se hlabe le Abrahama, le kano eo a neng a e ane ho Isaaka,


a nna a elellwa selekane sa hae bakeng sa bona, a ba hauhela ka baka la mohau wa hae o moholo,


O se ke wa ntelekisa pela sefahleho sa hao, o se ke wa nkamoha moya wa hao o halalelang!


Lerekong la wona wa tshwarela bokgopo ba bona, ha o a ka wa ba timetsa; wa itshwara kgalefong hangata; ha o a ka wa nea bohale bohle ba wona sebaka,


Empa wena, Morena, o Modimo o lereko, o molemo, o diehang ho halefa, o tletseng mohau le nnete.


Jehova a re: Ke tla fetisa molemo wohle wa ka pontsheng ya hao; ke bolele lebitso la Jehova pela hao; ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke rekolohele eo ke mo rekolohelang.


Empa ha ke se ke ba epolotse, ke sa tla boela ke ba hauhele; ke tla ba busetsa e mong le e mong lefeng la hae, e mong le e mong naheng ya hae.


Leha a hlomodisa, le hona o utlwela motho bohloko ka bongata ba mehauhelo ya hae.


ke hopole le selekane sa ka le Isaaka, le selekane sa ka le Abrahama, ke hopole le naha ya bona.


Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.


Hobane Jehova o tla ahlolela setjhaba sa hae, mme o tla rekolohela bahlanka ba hae, ha a bona hobane matla a bona a fedile, mme ho se ho se motho ya ruileng, leha e le motho ya lokolohileng.


Bao ba tla otlwa ka tshenyeho e sa feleng, ba tloswe pela Morena, le pela kganya ya matla a hae,


Yaba ba lahla medimo esele e hara bona, mme ba sebeletsa Jehova; Jehova a utlwela Baiseraele bohloko ka baka la tsietsi ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ