Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 13:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Monna wa Modimo a mo halefela, a re: Hoja eba o otlile hahlano, leha e le hatshelela, ekabeba o hlotse Basiria, wa ba wa ba qeta; athe jwale o tla hlola Basiria hararo feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Moporofeta wa Modimo a e halefela, a re ho yona: “O ne o tshwanetse ebe o betsitse hahlano kapa hatshelela! O ne o tla hlola Baarame ho fihlela o ba timetsa. Empa jwale o tla ba hlola hararo feela!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 13:19
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re: Nka metsu. A e nka. A boela a re ho morena wa Iseraele: Otla fatshe. A otla hararo, a ntoo ema.


Joase yena, mora Joakase, a boela a hapa matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, metse e beng e hapilwe ke yena matsohong a ntatae ka ntwa. Joase a mo hlola hararo, a boela a rua metse eo ya Iseraele.


Yaba o re ho yena: Isao, ha ho le jwale, o tla aka mora. A re: Oho, monna wa Modimo, monga ka, o se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.


Jwale, ba tsholela banna, ba re, ba je; yare ha ba eja meroho, ba howeletsa, ba re: Oho, monna wa Modimo, lefu le ka pitseng. Ba sitwa ho ja.


Empa Gehasi, mohlanka wa Elisha, monna wa Modimo, a re: Bona, monga ka o hauhetse Naamane, Mosiria eo, kamoo a sa kang a nka letsohong la hae kateng, seo a se tlisitseng; ka Jehova ya utlwang, ke tla mo phallela, ke nke ho hong ho yena.


Monna wa Modimo a romela ho morena wa Iseraele, a re: Bona hore o se ke wa feta bakeng se itseng; hobane Basiria ba ya theohela teng.


Ho rohakwe ya tla etsa mosebetsi wa Jehova ka botswa; ho rohakwe ya tlosang lerumo la hae mading.


Moshe a botsa phooko ya sehlabelo sa sebe; empa a fumana hobane ba e tjhesitse.


Yaba Moshe o hlabeha haholo, a re ho Jehova: O se ke wa amohela nyehelo ya bona. Ha ke eso ho ba ke ba amoha leha e le esele feela, mme ha ke a senyetsa le a mong wa bona.


Jesu, ha a bona hoo, a ba bohale, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho nna, mme le se ke la ba thibela; hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.


A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.


A sitwa ho etsa mohlolo moo, haese wa ho fodisa ba kulang ba se ba kae, ka ho ba bea matsoho hodimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ