Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 13:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Mohla Elisha a kulang ke lefu leo a tla shwa ke lona, Joase, morena wa Iseraele, o ne a theohetse ho yena, a lla pela hae, a re: Ntate, ntate! koloi ya Iseraele le bapalami ba yona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Elisha o ne a kulela lefu. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o theohela ho yena; ha a ntse a lla, meokgo ya hae ya keleketlela hodima sefahleho sa Elisha, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 13:14
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora ditaba tsena ba re ho Josefa: Utlwa, ntatao o bohloko. Yaba o nka bara ba hae ba babedi, Manasse le Efraime.


Eitse ha Jakobo a qetile ho laela bara ba hae, a busetsa maoto a hae diphateng, a neela moya, a orohela setjhabeng sa habo.


Yaba Josefa o itihela hodima sefahleho sa ntatae, a lla hodima hae, a mo aka.


Haele taba tse ding tsa Joase, le tsohle tseo a di entseng, le matla ao a lwantshitseng Amatsia, morena wa Juda ka wona, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Joase a orohela ho bontatae, mme Jeroboame a dula teroneng ya hae; Joase yena a patwa Samaria ho marena a Iseraele.


Elisha a re ho yena: Nka seqha le metsu. A nka seqha le metsu.


Elisha a bona hoo, a howeletsa, a re: Ntate, ntate! Koloi ya Iseraele le bapalami ba yona! Ebile ha a sa mmona. A tshwara diaparo tsa hae, a di hahola koto tse pedi.


Tshiung tseo, Esekiase a kula, a batla a eshwa. Moporofeta Esaia, mora Amotse, a ya ho yena, a re: Ho itswe ke Jehova: Hleka ntlo ya hao, hobane o se o ya shwa, ha o sa tla phela.


Morena wa Iseraele, ha a ba bona, a re ho Elisha: Na ke ba bolaye, ke ba bolaye na, ntate?


O re boloke, Jehova, etswe ba molemo ba fela, mme batshepehi ba timela hara bana ba batho.


Hlohonolofatso ya ba lokileng e haha motse; empa o qhalwa ke melomo ya ba babe.


Motho ya lokileng o a timela, mme ha ho ya lemohang teng; batho ba molemo ba tloswa, mme ha ho ya lemohang hobane ya lokileng o tloswa, bobe bo eso ho hlahe.


ha ho ne ho ka ba teng ho lona banna bao ba bararo, Nowe, le Daniele, le Jobo, haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona, ka ho loka ha bona; ho rialo Morena Jehova.


Mme ke batlile hara bona hore na motho a ka ba teng ya ka lokisang dikgeo tsa lerako, ya ka emang sekgeong pela ka ho lwanela naha, hore ke se ke ka e timetsa, ke mpa ke sa ka ka mo fumana.


Bontata lona ba kae? ... Leha e le baporofeta, na ke ba phelang kamehla?


hobane Heroda o ne a tshaba Johanne, a mo tseba hoba ke monna ya lokileng, ya halalelang; o ne a mo sireletsa, a be a etse ntho tse ngata, ha a mo utlwile, a rate le ho mo utlwa.


Bokgaitsedie ba romela ho Jesu, ba re: Bona, Morena, eo o mo ratang o a kula.


Athe haele Davida, eitse hobane a phethe ho ratwang ke Modimo ho pheleng ha hae, o ithobaletse, a ba a patwa ho bontatae, mme o bone ho bola.


Hobane o ne a le hlolohetswe haholo bohle, mme o ne a belaela haholo kahobane le utlwile ho kula ha hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ