Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 13:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Joase a orohela ho bontatae, mme Jeroboame a dula teroneng ya hae; Joase yena a patwa Samaria ho marena a Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Jehowashe a shwa, mme setulo sa hae sa nkwa ke Jeroboame. Jehowashe a epelwa Samaria, le dikgosi tsa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 13:13
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Matsatsi a hao ha a phethehile, mohla o orohelang ho bontatao, ke tla tiisa mora wa hao, ya tla tswa maleng a hao, ke tiise le mmuso wa hae.


Ha ho se jwalo, etlare morena, monga ka, ha a se a orohetse ho bontatae, re tla etswa ba molato, nna le mora ka Salomone.


A re ho Jeroboame: Inkele ditsiba tse leshome, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke tla haraswanya mmuso letsohong la Salomone, ke o nee meloko e leshome.


Ebile Davida o orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida.


Haele taba tse ding tsa Joase, le tsohle tseo a di entseng, le matla ao a lwantshitseng Amatsia, morena wa Juda ka wona, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Mohla Elisha a kulang ke lefu leo a tla shwa ke lona, Joase, morena wa Iseraele, o ne a theohetse ho yena, a lla pela hae, a re: Ntate, ntate! koloi ya Iseraele le bapalami ba yona!


Yaba Joakase o orohela ho bontatae, a patwa Samaria, mme Joase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Haele taba tse ding tsa Joase, tseo a di entseng, le matla a hae, le kamoo a lwantshitseng Amatsia, morena wa Juda kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa Amatsia, mora Joase, morena wa Juda, Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele, a qala ho busa Samaria, a busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong.


Ya eba yona taba e neng e boleletswe Jehu ke Jehova, mohla a reng: Bara ba hao ba moloko wa bone ba tla dula teroneng ya Iseraele. Ha fela ha eba jwalo.


Ke lona lentswe la Jehova le neng le tlele Hosea, mora Beeri, mehleng ya Osiase, le Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ