Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 13:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa Joase, morena wa Juda, Joase, mora Joakase, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa puso ya Jowashe, kgosi ya Juda, Jehowashe, mora wa Jehowakase, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 13:10
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a ntoo re ho Jehu: Erekaha o phethile hantle tse leng ntle mahlong a ka, wa etsa ka ntlo ya Akabe ka tsohle tse neng di le pelong ya ka, bara ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.


Ka selemo sa bosupa sa Jehu, Joase a qala ho busa; a busa ka dilemo tse mashome a mane Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Tsibia wa Beerseba.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa Joase, mora Akasia, morena wa Juda, Joakase, mora Jehu, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona; le yena a ya ka tsona.


Yaba Joakase o orohela ho bontatae, a patwa Samaria, mme Joase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ka selemo sa bobedi sa Joase, mora Joakase, morena wa Iseraele, Amatsia, mora Joase, a qala ho busa Juda.


Eitse hobane Joase, mora Joakase, morena wa Iseraele, a timele, Amatsia yena, mora Joase, morena wa Juda, a sala a phela dilemo tse leshome le metso e mehlano.


Ya eba yona taba e neng e boleletswe Jehu ke Jehova, mohla a reng: Bara ba hao ba moloko wa bone ba tla dula teroneng ya Iseraele. Ha fela ha eba jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ