Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 12:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ebile Joase o re ho baprista: Haele tjhelete tsohle tse kgethilweng, tse tliswang ka tlung ya Jehova, le ditjhelete tse ntshwang ke e mong le e mong wa setjhaba, e leng ditjhelete tseo motho ka mong a lekanngwang ka tsona, le ditjhelete tsohle tseo motho a ikgopolelang ka pelong ya hae ho di tlisa ka tlung ya Jehova,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Jowashe a re ho baprista: “Tjhelete yohle, eo e leng dimpho tse abetsweng Morena, e tliswang ka Tempeleng ya Morena, e leng tjhelete eo motho ka mong a lekanyeditsweng ho e ntsha, le e lekanyeditsweng ba tlasa taolo ya hae, le tjhelete yohle eo motho a e ntshetsang Tempele ya Morena ka boithaopo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 12:4
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Batho ba ne ba ntse ba hlabela nqalong tse diphahameng, hobane mohlang oo, ntlo e be e eso ho hahelwe lebitso la Jehova.


Salomone a rata Jehova, a tsamaya ka melao ya ntatae Davida; feela, a nna a hlaba nqalong tse diphahameng, a tjhesa le dibano teng.


Salomone a ikgahela le ntlo ya hae ka dilemo tse leshome le metso e meraro, mme a phetha ntlo ya hae yohle.


Ebile Joase, morena wa Juda, o nka tsohle tse kgethetsweng Jehova ke Josafate le Jorame le Akasia, bontatae, marena a Juda, le tse kgethilweng ke yena, le kgauta yohle a fumanweng polokelong ya ntlo ya Jehova le ho ya ntlo ya morena, a di romela ho Hasaele, morena wa Siria; yaba o tlohela ho ya Jerusalema.


baprista ba ke ba di amohele e mong le e mong ho ba tsebanang le yena, mme ba lokise dikgeo tsa ntlo, kahohle moo dikgeo di ka bonwang.


Feela, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa; setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng.


Feela, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa; setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng.


a nna a hlaba mahlabelo, a tjhesa dibano nqalong tse diphahameng, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.


Ba nna ba tjhesa dibano nqalong tsohle tse diphahameng, jwalokaha ho ne ho entse ditjhaba tseo Jehova a di tlositseng pela bona, ba nna ba sebetsa ntho tse mpe ho halefisa Jehova ka tsona;


Eya ho Hilkia, moprista e moholo, o re, a bale ditjhelete tse ntseng di iswa ka tlung ya Jehova, tseo balebedi ba di nkang ho setjhaba;


Morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a neng a di hapile ditjhabeng tsohle, e leng ho Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Amaleke.


Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.


A tlisa ka tlung ya Modimo dintho tseo ntatae a neng a di kgethetse Jehova, le tseo a neng a di kgethile e le yena, e le silefera, le kgauta, le dipitsa.


ha tliswa teng ka mokgwa o sa belaetseng kabelo e ntshitsweng, le karolo ya leshome, le dintho tse kgethehileng. Konania, Molevi a bewa modisa wa tsona, wa bobedi e le Shimei ngwanabo;


A bea baprista dihlopheng tsa bona, a ba natlafaletsa tshebeletso ya ntlo ya Jehova.


Bohle ba ahisaneng le bona ba ba thusa ka dipitsa tsa silefera le tsa kgauta, le ka mesebetsi, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, kantle ho tsohle tse ntshitsweng ka ho rata.


Hape, ka ho ikutlwa matla a bona, ba ntshetsa bobolokelo ba tjhelete tsa mosebetsi didarike tsa kgauta tse dikete tse mashome a tsheletseng a motso o mong, le dimina tsa silefera tse kete tse hlano, le diaparo tse lekgolo tsa baprista.


le silefera le kgauta tseo o ka di fumanang seterekeng sohle sa Babilona, hammoho le dimpho tse tla ntshetswa ntlo ya Modimo o Jerusalema ke setjhaba le baprista ka ho rata ha bona.


Banna ba tla ba ena le basadi; bohle ba pelo tse ithatetseng ba tlisa dihaka, le masale, le ditona, le mefitshana, le mesebetsi e meng ya kgauta ya mefutafuta; motho ka mong a hlahisa mpho ya kgauta eo a e hlahisetsang Jehova.


Bana ba Iseraele bohle le basadi bohle ba ithatetseng ho tlisa ntho tsa mosebetsi wohle oo Jehova a neng a laetse ka Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Jehova dikabelo tsa boithatelo.


Ntshang ho tsa lona seo le se abelang Jehova. Motho ka mong eo pelo ya hae e ratang, a ke a tlise se abetsweng Jehova, kgauta, silefera, le koporo;


Ba nka ho Moshe dikabelo tsohle tse abetsweng Jehova, tse tlisitsweng ke bana ba Iseraele ho etsa mesebetsi ya tshebeletso ya sehalalelo. Le jwale, ka ho rata, ba ne ba ntse ba tlisa dikabelo ka hosasa ho hong le ho hong.


Ekare ha e mong a rata ho lopolla ntho e nngwe ya boshome ba hae, o tla eketsa ka bohlano ba yona.


hobane bao kaofela ba noketse dikabelong tsa Modimo, ba nkile ho tlallweng ha bona; kanthe enwa seo a se noketseng o se nkile bofumanehing ba hae, o noketse hohle hoo a neng a phela ka hona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ