Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 12:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ke bahlanka ba hae, Josakare, mora Shimeathe, le Josabade, mora Shomere, ba mmolaileng; a shwa, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida; mme Amatsia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 A bolawa ke bahlanka ba hae, bo-Josakara, mora wa Shimate, le Jehosabada, mora wa Shomere, mme a shwa. A epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida, mme Amasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 12:21
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a aha qhobosheaneng, mme a e rea lebitso la motse wa Davida. Davida a haha le lerako le teelang qhobosheane hare, le tlohang Millo, ho ya fihla hare.


Yaba Baesha, mora Akija, wa ntlo ya Issaskare, o a mo fetohela; mme Baesha a mmolaya Gibbethone wa Bafilesta; ke ha Nabathe le Baiseraele bohle ba futuhetse Gibbethone.


Ka hosasa, a tswa, a ya ema teng, a re ho setjhaba sohle: Le lokile! Bonang, ke fetohetse monga ka, ka mmolaya; empa bao bohle ke mang ya ba bolaileng?


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa Joase, mora Akasia, morena wa Juda, Joakase, mora Jehu, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng.


Ka selemo sa bobedi sa Joase, mora Joakase, morena wa Iseraele, Amatsia, mora Joase, a qala ho busa Juda.


Ebile ba bang ba mo fetohela Jerusalema, a mpa a balehela Lakishe; yaba ba mo phallela ho fihla Lakishe, ba mmolaela teng.


Eitse mmuso ha o tiile letsohong la hae, a bolaya bahlanka ba hae ba bolaileng morena ntatae.


Ebile Shallume, mora Jabeshe, o mo fetohela, a mo hlaba mahlong a setjhaba, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.


Jehu, mora Josafate, mora Nimshi, a fetohela Jorame jwalo. Yena o ba a ile le Baiseraele bohle ho sireletsa Ramothe-Gileade, ka baka la Hasaele, morena wa Siria.


Eitse Akasia, morena wa Juda, ha a bona hoo, a baleha ka tsela e yang tlung e ka tshimong. Jehu a mo phallela, a re: Le yena le mmolaele koloing. Ba mo hlabela moepeng wa Gure, o pela Jibleame; a ba a balehela Megiddo, a shwela teng.


Eitse hobane ba tlohe ho yena, ba mo siile bohlokong bo boholo, bahlanka ba hae ba mo fetohela ka baka la madi a bara ba moprista Jehojada; yaba ba mmolaela diphateng tsa hae, a shwa. A patwa motseng wa Davida, ba mpa ba se ke ba mo pata mabitleng a marena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ