Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 12:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ebile Joase, morena wa Juda, o nka tsohle tse kgethetsweng Jehova ke Josafate le Jorame le Akasia, bontatae, marena a Juda, le tse kgethilweng ke yena, le kgauta yohle a fumanweng polokelong ya ntlo ya Jehova le ho ya ntlo ya morena, a di romela ho Hasaele, morena wa Siria; yaba o tlohela ho ya Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Yaba Jowashe, kgosi ya Juda, o nka dintho tsohle tse halalelang, tseo bo-ntatae Jehoshafate, le Jehorame, le Akasiya, dikgosi tsa Juda, ba neng ba di abetse Morena; a nka le dintho tsa hae tsohle, tse halalelang, le kgauta yohle e neng e le ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka tlung ya kgosi, mme tsena a di romela ho Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Hasaele o tloha Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 12:18
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nka maruo a ntlo ya Jehova le maruo a ntlo ya morena, a hapa tsohle, a ya le dithebe tsohle tsa kgauta tse entsweng ke Salomone.


Yaba Asa o nka silefera yohle le kgauta tse setseng polokelong ya ntlo ya Jehova le polokelong ya ntlo ya morena, a di bea matsohong a bahlanka ba hae. Morena Asa a di romela ka bona ho Ben-Hadade, mora Tabrimmone, mora Hesione, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:


Haele taba tse ding tsa Joase, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?


Ebile Joase o re ho baprista: Haele tjhelete tsohle tse kgethilweng, tse tliswang ka tlung ya Jehova, le ditjhelete tse ntshwang ke e mong le e mong wa setjhaba, e leng ditjhelete tseo motho ka mong a lekanngwang ka tsona, le ditjhelete tsohle tseo motho a ikgopolelang ka pelong ya hae ho di tlisa ka tlung ya Jehova,


A nka le kgauta yohle le silefera le dipitsa tsohle tse fumanweng tlung ya Jehova, le tse bobolokelong ba ntlo ya morena, le batho ba entsweng ditebeletso, a ntoo boela Samaria.


Akase a nka silefera le kgauta tseo a di fumaneng ka tlung ya Jehova le bobolokelong ba ntlo ya marena, a di romela ho morena wa Assiria ka mokgwa wa nyehelo.


Hasaele a re: O llelang, monga ka? A re: Ke kahobane ke tseba tse mpe tseo o tla di etsetsa bana ba Iseraele; o tla tjhesa diqhobosheane tsa bona; bahlankana ba bona o tla ba harinya ka sabole, bana ba bona o ba batanye majweng, o petsole le basadi ba bona bao e leng baimana.


Yaba Asa o ntsha silefera le kgauta bobolokelong ba ntlo ya Jehova le ba ntlo ya morena, a di romela ho Ben-Hadade, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:


Eitse hobane Jehojada a shwe, mahosana a Juda a tla, a kgumama pela morena; mme morena a a mamela.


lona le nkileng kgauta ya ka le silefera ya ka, la ba la isa mesebetsi ya ka ya bohlokwa ditempeleng tsa lona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ