Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 11:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ka selemo sa bosupa, Jehojada a romela, a lata balaodi ba makgolo le matona le bahlabani, a ba biletsa ka tlung ya Jehova; a hlaba selekane le bona, a ba hlapantsha ka tlung ya Jehova, a ntoo ba bontsha mora morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ka selemo sa bosupa, Jehoyada a roma maqosa ho ya bitsa balaodi ba ba makgolo, le balebedi ba kgosi. Ba ba tlisa ho yena Tempeleng ya Morena. Jehoyada a etsa selekane le bona, a ba hlaphantshetsa ka Tempeleng ya Morena, mme a ba bontsha mora wa kgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 11:4
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Josefa a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: Ruri, Modimo o tla le etela, mme mohlang oo le tle le tlose masapo a ka kwano.


Ha ho le jwalo, Joabe ya nna ya eba molaodi wa makgotla wohle a Iseraele: Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe;


Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe; bana ba Davida bona e ne e le matona a morena.


Yaba morena Roboame o etsa dithebe tsa koporo bakeng sa tsona, a di neela balaodi ba dititimi tsa hae tse lebelang monyako wa ntlo ya morena.


Ka Jehova, Modimo wa hao o utlwang, ha ho setjhaba, leha e le mmuso, moo monga ka a sa kang a romela ho o batla; ha ho no ho thwe, ha o yo, o ne a antsha ba mebuso yohle le ditjhaba tsohle ka ho re, ha ba ka ba o bona.


Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a Jehova le morena le setjhaba, hore e fele e be setjhaba sa Jehova, le selekane mahareng a morena le setjhaba.


Hape, a ya le balaodi ba makgolo, le matona, le dititimi, le setjhaba sohle sa naha, ba theola morena tlung ya Jehova, ba mo isa tlung ya morena ka tsela e yang monyakong wa dititimi, a ba a dula teroneng ya marena.


Ka mokgwa o jwalo, ba patwa ba babedi tlung ya Jehova ka dilemo tse tsheletseng, mme Athalia a busa naha.


Balaodi ba makgotla ba etsa ka taelo tsohle tsa moprista Jehojada, ba nka e mong le e mong banna ba hae ba kenang tshebeletsong ka Sabatha hammoho le ba tswang ka Sabatha, ba tla ho moprista Jehojada.


Ebile morena Joase o bitsa moprista Jehojada le baprista ba bang, a re ho bona: Ha le a ka la lokisa dikgeo tsa ntlo keng? Kajeno, le se ke la hlola le nka ditjhelete ho ba tsebanang le lona, le mpe le di ntshetse dikgeo tsa ntlo.


Yena morena a ema pela tshiya, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova, le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, ka pelo yohle le ka moya wohle, le sa ho etsa le ka taba tsa selekane tse ngodilweng bukeng eo. Le sona setjhaba sohle sa emela selekane seo.


le banababo bona, dihlooho tsa matlo a bontata bona, e le batho ba sekete se nang le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng; e ne e le banna ba matla mosebetsing wa tshebetso ya ntlo ya Modimo.


Ba itlama pela Jehova ka selekane sa hore ba tla batla Jehova, Modimo wa bontata bona, ka pelo yohle le ka moya wohle;


Jwale, ke na le pelo ya ho hlaba selekane le Jehova, Modimo wa Iseraele, hore bohale ba kgalefo ya hae bo ke bo re kgelohe.


ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;


Yaba ba re: Re tla ba buseletsa tsona, mme re ke ke ra ba batla letho; re tla etsa jwalokaha o bolela. Yaba ke bitsa baprista, ka ba hlapantsha hore ba tle ba etse ka polelo eo.


Taba ha di le jwalo, ra etsa tumellano, ra e ngola, mme ya tiiswa ka tiiso ya dihlooho tsa rona, le ya Balevi ba rona, le ya baprista ba rona.


Moprista e moholo, le molebedi wa tempele, le baprista ba baholo, yare ha ba utlwa dipolelo tseo, ba makala ke bona, ba re: Taba eo e tla fella kae?


Yaba molebedi wa tempele le bahlanka ba lekgotla ba ya, ba ba tlisa, empa e seng ka matla, kahobane ba ne ba tshaba ho tlepetswa ka majwe ke setjhaba.


Yaba Joshua o tlabola selekane le setjhaba, a se beela molao le taelo Sikeme.


Ebile Jonathane o hlaba selekane le Davida, hobane a ne a mo rata jwalokaha a ithata.


Ebile bobedi ba bona ba etsa selekane pela Jehova; mme Davida a sala morung, Jonathane yena a kgutlela hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ