Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 11:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Empa Josheba, moradi wa morena Jorame, kgaitsedi ya Akasia, a nka Joase, mora Akasia, a mo utswa hara bana ba morena mohla ba bolawang, a mo pata kamoreng ya malao, e le yena le moanyesi wa hae; ba mo patela Athalia jwalo, a tle a se ke a bolawa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Empa Jehosheba, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi, ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pholosa ho Ataleya, a mo pata kamoo ho bolokwang diphate kateng hammoho le mohodisi wa hae, mme yaba ha a bolawe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 11:2
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele Hadade, a balehela Egepeta, a ena le Baedomo ba bang, bahlanka ba ntatae; ke ha Hadade a sa le monyenyane.


Haele dikamore tse kallaneng, tse potang ntlo yohle, a di etsa di ena le bolelele ba ditswe tse hlano; di ne di kopane le ntlo ka difate tsa kedare.


Monyako wa dikamore tse hare o ne o le lehlakoreng le letona la ntlo; ho ne ho nyolohelwa kamoreng tse hare ka methatinyana e matswedintsweke, mme ho ne ho kenwa dikamoreng tse boraro, ha ho tsuwa ho tse hare.


Joase o ne a le dilemo tse supileng, ha a qala ho busa.


Ka mokgwa o jwalo, ba patwa ba babedi tlung ya Jehova ka dilemo tse tsheletseng, mme Athalia a busa naha.


Ka selemo sa bosupa sa Jehu, Joase a qala ho busa; a busa ka dilemo tse mashome a mane Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Tsibia wa Beerseba.


Ka selemo sa bohlano sa Jorame, mora Akabe, morena wa Iseraele, [Josafate e le morena wa Juda,] Jorame, mora Josafate, morena wa Juda, a qala ho busa.


Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa Juda, ka baka la Davida, mohlanka wa hae, jwalokaha a ne a mmoleletse, a re, o tla mo nea lebone la kamehla hara bara ba hae.


mora wa hae ke Jorame, mora wa hae ke Akasia, mora wa wa hae ke Joase,


Empa Joshabeathe, moradi wa morena, a nka Joase, mora Akasia, a mo utswa hara bara ba morena mohla ba bolawang, mme a mo isa hammoho le moanyesi wa hae kamoreng ya malao. Ka mokgwa o jwalo, Joshabeathe, moradi wa morena Jorame, mosadi wa Jehojada moprista, le kgaitsedi ya Akasia, a mo patela Athalia, a se ke a bolawa.


Noka e tla nyekenyeha dihohwana; di tla nyoloha, di kene ka tlung ya hao, le ka taong tsa malao a hao, ho fihlela le malaong a hao, le ka matlung a bahlanka ba hao le a setjhaba sa hao, le diontong tsa hao le merifing ya hao eo ho dubelwang bohobe ho yona.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Hobane ke tla sireletsa motse wona, ke o pholose, ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.


Hobane ho itswe ke Jehova: Davida a ke ke a ba a hloka motho ya dulang teroneng ya ntlo ya Iseraele.


le hona selekane sa ka le Davida, mohlanka wa ka, se ka fela, hore a se ke a hlola a eba le mora ya busang teroneng ya hae; ho jwalo le ka selekane sa ka le Balevi, bao e leng baprista ba ntshebeletsang.


le hona ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, ke se ke ka hlola ke nka baneng ba hae ya tla busa ditloholo tsa Abrahama le tsa Isaaka le tsa Jakobo; hobane ke tla busetsa ba kgolehong ba bona, ke ba hauhele.


Eya ho bana ba Rekabe, mme o bue le bona; o ba tlise ka tlung ya Jehova, kamoreng e nngwe, o ba nee veine ho nwa.


Mme morena a laela Jerameele, mora morena, le Seraia, mora Asriele, le Shelemia, mora Abdeele, hore ba tshware Baruke mongodi le moporofeta Jeremia; empa Jehova a ba pata.


Yaba o re ho nna: Kamore eo e tadimileng nqa borwa ke ya baprista ba lebelang ntho tsa ntlo;


A ntoo ya tlung ya ntatae Ofra, mme a bolaya banababo, bara ba Jerubbaale, batho ba mashome a supileng, hodima lefika le le leng; ha pholoha Jothame feela, mora e monyenyane wa Jerubbaale, hobane o ne a ipatile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ