Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 11:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Hape, a ya le balaodi ba makgolo, le matona, le dititimi, le setjhaba sohle sa naha, ba theola morena tlung ya Jehova, ba mo isa tlung ya morena ka tsela e yang monyakong wa dititimi, a ba a dula teroneng ya marena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Jehoyada a nka balaodi ba ba makgolo, le balebedi ba ntlo ya kgosi, hammoho le setjhaba sohle, ba tlosa kgosi Tempeleng ya Morena. Ba tsamaya ka tsela e fetang kgorong ya balebedi, ba ya tlung ya kgosi, mme kgosi ya fihla ya dula setulong sa bokgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 11:19
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bamidiane ba mo rekisa Egepeta ho Potifaro, tona ya Faro, hlooho ya balebedi.


Eya, o kene ka ho morena Davida, o mmolelle, o re: Oho morena, monga ka, na ha o a ka wa hlapanyetsa lekgabunyane la hao, wa re: Salomone, mora hao, o tla busa kamora ka, a dule teroneng ya ka na? Ho ya kang, ha Adonija e le morena?


Yaba morena Roboame o etsa dithebe tsa koporo bakeng sa tsona, a di neela balaodi ba dititimi tsa hae tse lebelang monyako wa ntlo ya morena.


Salomone a dula teroneng ya Jehova, ya eba morena tulong tsa Davida ntatae; a atleha, mme Baiseraele bohle ba mo utlwa.


A bea balebedi menyakong ya ntlo ya Jehova, hore ho se ke ha kena motho ya nang le ditshila tsa ntho efe le efe.


Yaba o ya le balaodi ba makgolo, le baholo, le babusisi ba setjhaba, le setjhaba kaofela sa lefatshe; a theola morena tlung ya Jehova, ba kena tlung ya morena ka monyako o kahodimo, mme ba dudisa morena teroneng ya mmuso.


ba karolo e nngwe ya boraro ba tla ema ka tlung ya morena, ba karolo e nngwe ya boraro ba ene pela monyako wa Jesode; setjhaba sohle sona se tla ema mabaleng a ntlo ya Jehova.


ho tla nne ho kene ka menyako ya motse ona marena a lona le mahosana a lona a ituletseng teroneng ya Davida, a kene ka makoloi, a palamile dipere, e le wona le baholo ba setjhaba, le batho ba Juda le baahi ba Jerusalema; mme motse wona o tla nne o ahuwe ka ho sa feleng.


Ho itswe ke Jehova: Bakeng sa motho eo, ngolang hobane ke ya hlokang bana, motho ya sa tlo atleha ditshiung tsa hae; hobane ha ho tla ke ha tseba motho wa lesika la hae ho dula teroneng ya Davida, le ho busa Juda.


Ha le boloka lentswe lena hantle, ho tla nne ho kene ka menyako ya ntlo ena marena a dutseng teroneng ya Davida, a ntse a kene makoloing, a palamile dipere; ke bolela yena morena le bahlanka ba hae le setjhaba sa hae.


Yaba Jesu o re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Ntjhafalong ya tsohle, mohla Mora motho a dulang teroneng ya kganya ya hae, lona ba ntatetseng, le tla dula le lona diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlole meloko ya Iseraele e leshome le metso e mmedi.


Mohla Mora motho a tlang a teetswe hare ke kganya ya hae, mangeloi a ena le yena kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ