Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 11:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yaba setjhaba sohle sa naha se kena ka tlung ya Baale, sa e qhaqha; dialetare le ditshwantsho tsa teng ba di robaka dikoto, ba di qeta; ba bolaya le Matthane, moprista wa Baale, pela dialetare. Moprista a ntoo bea bahlahlobi hodima ntlo ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Setjhaba sohle sa naha eo sa kena ka tempeleng ya Baale, sa e heletsa, sa thuakanya dialetare le ditshwantsho tsa hae, sa di etsa thuethue, sa bolaela Matane, moprista wa hae, kapele ho dialetare. Moprista Jehoyada a kgethela Tempele ya Morena balebedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 11:18
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile Elia o re ho bona: Tshwarang baporofeta ba Baale, ho se ke ha tlola le a mong. Ba ba tshwara, mme Elia a ba theosetsa molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela teng.


Jehu a romela kahohle Iseraeleng, mme bohle ba sebeletsang Baale ba tla, ho se ke ha sala leha a le mong ya sa tlang. Ba kena ka tlung ya Baale, mme ntlo ya Baale ya tlala ho tloha monyako ho fihlela motsheo.


Ha ba qetile ho hlahisa ditjheso, Jehu a re ho dititimi le ho matona: Kenang, le ba bolaye; ho se ke ha tswa leha a le mong. Ba ba bolaya bohle ka lerumo. Dititimi le matona ba ntoo ba lahlela kantle, mme ba kena le motseng wa ntlo ya Baale.


Ba ntsha diemahale tse ka tlung ya Baale, ba di tjhesa.


Ba bolaya le seemahale sa Baale, ba qhaqha ntlo ya Baale, ba e etsa mohlaba le kajeno.


A tlosa dinqalo tse diphahameng, a robaka ditshwantsho, a poma diashera, a robaka le noha ya koporo e entsweng ke Moshe, kahobane ho fihlela mehleng eo, bana ba Iseraele ba ne ba ntse ba e tjhesetsa dibano; a e rea Nehushtane (ntho ya koporo).


Hape, a silafatsa Tofethe, sekgutlong sa bana ba Hinnome, hore ho se ka ha hlola ho eba motho ya tjhesang mora hae leha e le moradi wa hae, ho mo kgethela Moloke.


A robaka ditshwantsho, a poma le diashera, mme tulo tsa tsona a di tlatsa ka masapo a batho.


Le baprista bohle ba nqalo tse diphahameng, a ba bolaela dialetareng, mme a tjhesa masapo a batho hodima tsona; a ntoo boela Jerusalema.


Ba futuhela Bajuda, ba pholletsa ka naha ya bona, mme ba hapa matlotlo wohle ao ba a fumaneng tlung ya morena, le bara ba hae, le basadi ba hae; ha a ka a sallwa ke bara, haese ke Joakase, e monyenyane ho bara ba hae.


Ha qhaqhwa pela hae dialetare tsa boBaale; a heletsa ditshiya tsa letsatsi tse neng di beilwe hodima tsona; a robaka diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng; a di sila phofo, mme a e tshollela mabitleng a ba neng ba di hlabetse mahlabelo.


a qhaqha dialetare, a pshatla diashera le ditshwantsho tse betlilweng, mme a di etsa phofo; hape, a heletsa ditshiya tsohle tsa letsatsi lefatsheng lohle la Iseraele; a ntoo kgutlela Jerusalema.


A nka namane e entsweng ke bona, a e tjhesa mollong, a ba a e tula phofo e tshesane haholo, a e akgela metsing, a e nosa bana ba Iseraele.


Le tla fedisisa nqalo tsohle tseo ditjhaba tseo le yang ho di falatsa ha tsona di sebeleditseng medimo ya tsona teng, dithabeng tse telele, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.


Le qhaqhe dialetare tsa tsona, le bolaye ditshiya tsa tsona, le tjhese diashera tsa tsona, le heletse ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya tsona, mme le hlakole mabitso a tsona nqalong tseo.


O mo tlapunye ka majwe, a shwe; kahobane a ratile ho o tlosa ho Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, tlung ya bohlanka.


Empa moporofeta eo, kapa molori eo wa ditoro, o tla bolawa, kahobane a boletse tsa ho fetohela Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya o lopolotseng tlung ya bohlanka; o ratile ho o faposa tsela eo Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho tsamaya ka yona. O tlose bobe ha eno jwalo.


Ekare ha ngwaneno, mora wa mmao, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa sefuba sa hao, leha e ka ba motswalle wa hao ya leng jwaloka moya wa hao, a o susumetsa, a re ho wena ka sephiring: a re yeng, re sebeletse medimo esele, eo o sa kang wa e tseba, wena le bontatao,


o mpe o mmolaye ruri; letsoho la hao e be lona le emang pele hodima hae ho mmolaya, e ntoo ba matsoho a setjhaba kaofela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ