Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 11:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a Jehova le morena le setjhaba, hore e fele e be setjhaba sa Jehova, le selekane mahareng a morena le setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Jwale moprista Jehoyada a etsa selekane pakeng tsa Morena, le kgosi, le setjhaba, hore e be setjhaba sa Morena. A se etsa le pakeng tsa kgosi le setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 11:17
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baholo bohle ba Iseraele ba tla jwalo ho morena, Hebrone, mme morena Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, pela Jehova, mme teng ba tlotsa Davida, hore e be morena wa Iseraele.


Ka selemo sa bosupa, Jehojada a romela, a lata balaodi ba makgolo le matona le bahlabani, a ba biletsa ka tlung ya Jehova; a hlaba selekane le bona, a ba hlapantsha ka tlung ya Jehova, a ntoo ba bontsha mora morena.


Yena morena a ema pela tshiya, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova, le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, ka pelo yohle le ka moya wohle, le sa ho etsa le ka taba tsa selekane tse ngodilweng bukeng eo. Le sona setjhaba sohle sa emela selekane seo.


Baholo bohle ba Iseraele ba tla jwalo ho morena, Hebrone; Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, pela Jehova; mme ba tlotsa Davida, ho mo etsa morena wa Iseraele, ka polelo eo Jehova a neng a e boletse ka Samuele.


Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a hae le setjhaba le morena, hore e fela e be setjhaba sa Jehova.


Jwale, ke na le pelo ya ho hlaba selekane le Jehova, Modimo wa Iseraele, hore bohale ba kgalefo ya hae bo ke bo re kgelohe.


morena a ema tulong tsa hae, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le dikomelo tsa hae, ka pelo yohle ya hae le ka moya wohle wa hae, sa ho re, o tla etsa ka dipolelo tsa selekane tse ngodilweng bukeng ena.


A re keng re hlabe selekane le Modimo wa rona, sa ho kgutlisa basadi bao bohle le bana ba tswetsweng ke bona, jwalokaha ho eleditse monghadi wa ka le ba thothometswang ke molao wa Modimo wa rona, mme hona ho ke ho etswe ka molao.


Taba ha di le jwalo, ra etsa tumellano, ra e ngola, mme ya tiiswa ka tiiso ya dihlooho tsa rona, le ya Balevi ba rona, le ya baprista ba rona.


Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, ha morena Tsedekia a ne a se a entse selekane le setjhaba kaofela se leng Jerusalema, hore ba bolele tokollo;


Mme ha ba ka ba etsa feela kamoo re neng re lebeletse kateng, empa ba qadile ka ho ineela Morena le rona, ka thato ya Modimo.


Yaba Joshua o tlabola selekane le setjhaba, a se beela molao le taelo Sikeme.


Samuele a tsebisa setjhaba mekgwa ya borena, a e ngola bukeng, a e bea pela Jehova. Ebile Samuele o kgutlisa setjhaba kaofela, a re: E mong le e mong a ye ha hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ