Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 11:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Athalia, mma Akasia, ha a bona hobane mora hae o timetse, a tloha, a timetsa lesika lohle la borena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ha Ataleya, mma Akasiya, a bona hore mora wa hae o shwele, a tsamaya, a ya bolaya bana bohle ba lelapa la kgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 11:1
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kannete ke tla batla madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla ho tsohle tse phelang; ke tla batla bophelo ba motho ho motho, le ho ngwanabo motho.


Ya tshollang madi a motho, le madi a hae a tla tshollwa ke motho; hobane Modimo o entse motho ka setshwantsho sa wona.


Tloo jwale, nke ke o eletse, o tle o boloke bophelo ba hao le ba mora hao Salomone.


Morena a eketsa a re ho Shimei: O tseba bolotsana bohle ba hao, le pelo ya hao e a bo tseba, boo o bo entseng ntate Davida; jwale, Jehova o busetsa bokgopo ba hao hloohong ya hao.


Matsatsi ao Jehu a busitseng Iseraele ka wona, a le Samaria, ke dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi.


Lengolo ha le fihla ho bona ba nka bara ba morena, ba ba bolaya, e le ba mashome a supileng; ba hlomela dihlooho tsa bona ka diroto, ba di romela ho yena Jisreele.


Ka selemo sa bosupa sa Jehu, Joase a qala ho busa; a busa ka dilemo tse mashome a mane Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Tsibia wa Beerseba.


Leha ho le jwalo, ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele, mora Nethania, mora Elishama, wa mofuta wa borena, a tla le banna ba leshome, a bolaya Gedalia, a shwa; a bolaya le Bajuda le Bakalde ba nang le yena Mitspe.


Akasia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, ha a qala ho busa; a busa selemo se le seng Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Athalia, moradi wa Omri, morena wa Iseraele.


Eitse Akasia, morena wa Juda, ha a bona hoo, a baleha ka tsela e yang tlung e ka tshimong. Jehu a mo phallela, a re: Le yena le mmolaele koloing. Ba mo hlabela moepeng wa Gure, o pela Jibleame; a ba a balehela Megiddo, a shwela teng.


Hobane monyefodi eo, Athalia, le bara ba hae, ba ne ba sohlokile ntlo ya Modimo; esita le mesebetsi e halalelang ya ntlo ya Jehova ba ne ba e nkile ho sebeletsa boBaale ka yona.


Ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele, mora Nethania, mora Elishama, wa leloko la borena, tona ya morena, a tla ho Gedalia, mora Akikame, Mitspe, a ena le batho ba leshome, mme ba dula teng dijong hammoho, Mitspe.


Ha ba se ba tlohile, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, mme o dule teng, ke tle ke be ke o bolelle; hobane Heroda o tla batla ngwana ho mmolaya.


Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.


A ntoo ya tlung ya ntatae Ofra, mme a bolaya banababo, bara ba Jerubbaale, batho ba mashome a supileng, hodima lefika le le leng; ha pholoha Jothame feela, mora e monyenyane wa Jerubbaale, hobane o ne a ipatile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ