Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Monga ntlo le mong a motse le baholo le bahodisi, ba romela ho Jehu, ba re: Re bahlanka ba hao, re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona; re ke ke ra bea e mong morena; etsa kamoo o ratang kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Mookamedi wa lelapa la kgosi, le mmusi wa motse, le baholo ba setjhaba, le bahodisi ba bana ba Akabe, ba romela molaetsa ho Jehu, ba re: “Re bahlanka ba hao, mme re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona. Ha re ka ke ra bea kgosi e nngwe; wena etsa seo o bonang se lokile.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:5
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba itlama matheka ka masela a mahwashe, ba rwala dithapo hloohong, ba tla ho morena wa Iseraele, ba re: Mohlanka wa hao, Ben-Hadade, o re: O ntlohele ke phele. Akabe a re: Na o sa phela na? Ke ngwaneso.


Morena wa Iseraele a re: Ho jwalokaha o boletse, morena, monga ka; ke wa hao le tsohle tseo ke nang le tsona.


A eketsa a ba ngolla lengolo, a re: Ha le fela le nkemela, mme le rata ho utlwa lentswe la ka, nkang dihlooho tsa batho bao, e leng bara ba monga lona, le tle ho nna Jisreele hosasane, ha ho le jwalo. Bara ba morena, e leng batho ba mashome a supileng, ba ne ba le ha baholo ba motse ba ba hodisang.


Jwale Esekiase, morena wa Juda, a romela ho morena wa Assiria, Lakishe, a re: Ke sitilwe; kgutla ho nna; seo o tla ntjarisa sona ke tla se jara. Morena wa Assiria a lefisa Esekiase, morena wa Juda, ditalenta tse makgolo a mararo tsa silefera, le talenta tse mashome a mararo tsa kgauta.


Le se ke la ba mamela. Sebeletsang morena wa Babilona, mme le tla phela. Le ratelang hoba motse ona o etswe lesupi?


A hleka ke nna ke emotseng setjhaba sena sohle na? A ke nna ke se tswetseng, ha o tla re: Se jare ka sefubeng sa hao, jwaloka moanyesi ha a jara ngwana ya anyang, se be se fihle naheng eo o hlapanyeditseng bontata sona hoba o tla se nea yona na?


Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, ya ntshebeletsang le yena o tla ba teng; ekare ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo tlotlisa.


Baholo ba rona le bohle ba ahileng haeso ba re boleletse, ba re: Nkang mofaho wa tsela matsohong a lona, le ye le ba kgahlanyetse, le re ho bona: Re bahlanka ba lona; hlabang selekane le rona jwale.


Ba re ho Joshua: Re bahlanka ba hao. Joshua a re ho bona: Le bomang? Le tswa kae?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ