Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba mpa ba tshaba haholoholo, ba re: Marena a mabedi a sitilwe ho ema pela hae; rona re ka ema jwang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Empa ba kenwa ke tshabo e kgolo, ba re: “Jehu o hlotse dikgosi tse pedi! Rona re ka mo etsang?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:4
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le ke le bone e motle, ya tshwanelehang, ho bara ba monga lona, le mmee teroneng ya ntatae, mme le lwanele ntlo ya monga lona.


Empa Jehu a fula ka seqha, a hlaba Jorame pakeng tsa mahetla, motsu wa ba wa tla tswa pelong ya hae; mme a wela koloing ya hae.


Eitse Akasia, morena wa Juda, ha a bona hoo, a baleha ka tsela e yang tlung e ka tshimong. Jehu a mo phallela, a re: Le yena le mmolaele koloing. Ba mo hlabela moepeng wa Gure, o pela Jibleame; a ba a balehela Megiddo, a shwela teng.


Leka hle ho bea letsoho la hao hodima yona! ha o sa tla hlola o e qala.


Ha ke sa na bohale; leha ho le jwalo, ha nka kgahlana le dibajwa le meutlwa, ke tla lwana le tsona, ke itihele ho tsona, ke di tjhese kaofela ha tsona.


Bonang, jwaloka tau ha e nyoloha mahlakeng a Jordane, o ya nyolohela leahong le thata; mme hang ke tla balehisa Edomo ho lona; eo ke mo kgethang ke tla mo laeletsa yena. Hobane ke mang ya jwaloka nna? Ke mang ya ka mpiletsang kgotla? Ke mang modisa ya ka emang pela ka?


Kgalefo ya hae e ka emelwa ke mang, mme ke mang ya ka tiyang ho tukeng ha bohale ba hae? Bohale ba hae bo tsoloha jwaloka mollo, mafika a heletswa ke yena.


Kapa morena ke ofe, ya futuhelang morena e mong, a ke keng a dula pele, a nahana hore na ka batho ba dikete tse leshome le le leng, a ka ya kgahlanyetsa ya tlang ho mo lwantsha ka dikete tse mashome a mabedi na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ