Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Empa Jehu ha a ka a tiisa ho tsamaya molaong wa Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, a se ke a kgeloha dibe tseo Jeroboame a sebisitseng Iseraele ka tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Empa Jehu a se ke a tsotella ho tsamaya ka molao wa Morena Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, hobane ha a a ka a tlohela dibe tsa Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:31
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.


Etlaba moo Jehova a tiisang taba ya hae eo a mpoleletseng yona, ha a re: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pela ka ka mokgwa wa nnete, ka pelo yohle, le ka moya wohle, ha ho ka ke ha hlokeha motho wa lesika la hao teroneng ya Iseraele.


Leha ho le jwalo, haele dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, Jehu ha a ka a di kgeloha, e le manamane a kgauta a Bethele le Dane.


Bana ba Iseraele ba tsamaya dibeng tsohle tseo Jeroboame a di entseng; ba se ke ba di furalla.


Leha ho le jwalo, a phehella dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, a se ke a di kgeloha.


Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, wa re ho yena: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona ho tsamaya molaong wa ka, jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.


ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;


BETH. Mohlankana o tla hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ke ha a e ela hloko ka ho e bapisa le lentswe la hao.


Ke ne ke itse: Ke tla fadimehela ditsela tsa ka, ke tle ke se ke ka seba ka leleme la ka; ke tla bea sethibelo molomong wa ka, ha e mobe a sa ntse a le pela ka.


ha ba ka ba boloka selekane sa Modimo, ba hana ho tsamaya ka molao wa wona;


Boloka pelo ya hao ka ho fetisisa, hobane ke yona mehlodi ya bophelo.


Ke tla bea moya wa ka hare ho lona, mme ke tla le tsamaisa dikomelong tsa ka, ke etse hore le boloke ditaelo tsa ka, hore le di phethe.


Ha re a ka ra utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona, ho ya ka melao ya hae eo a neng a e beile pela rona ka baporofeta, bahlanka ba hae.


Lebelang meya ya lona haholo; hobane ha le a ka la bona sebopeho leha se le seng letsatsing leo Jehova a buileng le lona Horebe, a le hara mollo;


Iponeleng, esere la lebala selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a se entseng le lona, mme la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sa tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a o hanetseng le tsona.


Le tsamaye ka mokgwa o phethehileng tseleng eo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng yona, le tle le phele, le be le lehlohonolo, mme le atise matsatsi a lona lefatsheng leo le yang ho le rua.


Iponeleng, hore e mong a se ke a haellwa ke mohau wa Modimo, monoko o mahloko o se ke wa le hlahela, wa tla wa le ferekanya, mme ba bangata ba senyeha ke wona.


Ka baka leo, e ka kgona re ele ka ho fetisisa ditaba tseo re di utlwileng hloko, esebe ra suthela hole le tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ