Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Jehova a ntoo re ho Jehu: Erekaha o phethile hantle tse leng ntle mahlong a ka, wa etsa ka ntlo ya Akabe ka tsohle tse neng di le pelong ya ka, bara ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Jwale Morena a re ho Jehu: “Kahobane a entse hantle ha o phethahatsa tseo mahlong a ka di lokileng, mme lelapa la Akabe o le entse tsohle tseo ke neng ke di rata, bana ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:30
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eo a re: Jehova o re: Erekaha o tlohetse monna eo ke neng ke mo neetse timelo, ho phela ha hao ho tla ema bakeng sa ho phela ha hae, le setjhaba sa hao se tla ema bakeng sa setjhaba sa hae.


Ke tla etsa ka ntlo ya hao jwalokaha ke entse ka ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe, le ka ntlo ya Baesha, mora Akija, kahobane o phepheditse bohale ba ka le ho sebisa Iseraele.


Ana o bona kamoo Akabe a ikokobetsang kateng, pela ka na? Erekaha a ikokobeditse pela ka, nke ke ka hlahisa bomadimabe tshiung tsa hae; ke tla hlahisetsa ntlo ya hae bomadimabe mehleng ya mora hae.


Jehu a orohela ho bontatae, a patwa Samaria; mme Joakase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa Joase, mora Akasia, morena wa Juda, Joakase, mora Jehu, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa Joase, morena wa Juda, Joase, mora Joakase, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.


Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa Amatsia, mora Joase, morena wa Juda, Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele, a qala ho busa Samaria, a busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong.


Yaba Jeroboame o orohela ho bontatae, ho marena a Iseraele, mme Sakaria mora hae ya eba morena tulong tsa hae.


Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Jisreele, hobane ho se ho se hokae, ke tla otla ntlo ya Jehu, ka baka la madi a tsholotsweng Jisreele, ke be ke fedise mmuso wa ntlo ya Iseraele;


Ke tla kenya lerumo hara lona, le tlang ho pheteletsa selekane sa ka; etlare ha le bokane metseng ya lona, ke tla romela lefu la sewa hara lona, mme le tla neelwa matsohong a dira.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ