Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Leha ho le jwalo, haele dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, Jehu ha a ka a di kgeloha, e le manamane a kgauta a Bethele le Dane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Leha ho le jwalo, dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, tsona ha a a ka a di tlohela, a nna a kgumamela namane ya kgauta e neng e le Bethele, le e neng e le Dane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:29
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abimeleke a bitsa Abrahama, a re ho yena: O re entseng? Kapa ke o sitetswe kae, ha o tla tlisa molato o moholo hakalo hodima ka le hodima mmuso wa ka? O nkentse taba e sa keng e be e etswe.


O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.


Empa Jehu ha a ka a tiisa ho tsamaya molaong wa Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, a se ke a kgeloha dibe tseo Jeroboame a sebisitseng Iseraele ka tsona.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona; le yena a ya ka tsona.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, a se ke a di kgeloha.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla ka tshiu tsohle tsa hae dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova; a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, jwalokaha ho no ho entse bontatae, a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.


Bana ba Iseraele ba tsamaya dibeng tsohle tseo Jeroboame a di entseng; ba se ke ba di furalla.


Leha ho le jwalo, a phehella dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, a se ke a di kgeloha.


Yaba Moshe o re ho Aarone: Setjhaba sena se o entse jwang ha o tla se dihela sebeng se sekalo?


Yena a a amohela matsohong a bona, a seta kgauta ka moseto, mme a etsa namane e tsholotsweng. Ba re: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!


Ka ho etsa jwalo, ha a ka a hloboha le bohlola boo a neng a bo entse le Baegepeta, mohla ba neng ba robale le yena botjheng ba hae, ha ba ne ba pholla matswele a hae e sa le kgarebe, ba mo tshollela bootswa ba bona.


Bakeng sa namane ya Bethe-Avene, baahi ba Samaria ba tshohile; e, setjhaba sa teng se a e llela, le baprista ba yona ba tlakasela bakeng sa yona, ka baka la kganya ya yona, hobane e tlohile ho yona.


Le jwale, ba sa tiisetsa ho seha; ka silefera ya bona ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng ditshwantsho tsa medimo kamoo ba ikgopoletseng kateng, e le bona; kaofela ha tsona ke mesebetsi ya ditei. Ha ba bolelwa, ho thwe: Ke ba hlabang batho, ke ba akang manamane!


Tjhe, bara ba ka, hase ditaba tse ntle tseo ke di utlwang; le fosisa setjhaba sa Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ