Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ba ntsha diemahale tse ka tlung ya Baale, ba di tjhesa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Ba ntsha sefika sa thupa se ka tempeleng ya Baale, ba se tjhesa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:26
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Teng, Bafilesta ba lahla le ditshwantsho tsa medimo ya bona, mme Davida le banna ba hae ba ya le tsona.


Hobane le bona ba iketsetsa nqalo tse diphahameng le ditshwantsho le diashera, maralleng wohle a phahameng le tlasa difate tsohle tse tala.


Esita le mmae Maaka, a mo ntsha sefumahading, hobane a ne a entse setshwantsho sa Ashtarothe; Asa a heletsa setshwantsho seo sa hae, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone.


A etsetsa Baale aletare, tlung ya Baale eo a e hahileng Samaria.


Yaba setjhaba sohle sa naha se kena ka tlung ya Baale, sa e qhaqha; dialetare le ditshwantsho tsa teng ba di robaka dikoto, ba di qeta; ba bolaya le Matthane, moprista wa Baale, pela dialetare. Moprista a ntoo bea bahlahlobi hodima ntlo ya Jehova.


A tlosa dinqalo tse diphahameng, a robaka ditshwantsho, a poma diashera, a robaka le noha ya koporo e entsweng ke Moshe, kahobane ho fihlela mehleng eo, bana ba Iseraele ba ne ba ntse ba e tjhesetsa dibano; a e rea Nehushtane (ntho ya koporo).


a lahletse medimo ya tsona mollong; hobane e be e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.


Haele dialetare tse kahodima ntlo e kahodimo ya Akase, tse entsweng ke marena a Juda, le dialetare tse entsweng ke Manasse mabaleng a mabedi a ntlo ya Jehova, morena a di qhaqha, a di qhebolla, mme a lahlela lerole la tsona molatswaneng wa Kedrone.


Morena a laela Hilkia, moprista e moholo, le baprista ba mo hlahlamang, le balebedi ba monyako, a re, ba phahle tempeleng ya Jehova mesebetsi yohle e etseditsweng Baale, le Ashtarothe, le makgotla wohle a lehodimo; a e tjhesa kantle ho Jerusalema, masimong a pela Kedrone, mme melora ya yona ya iswa Bethele.


A ntsha setshwantsho sa Ashtarothe tlung ya Jehova, a se ntshetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kedrone, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone, a se tula ya eba lerole, mme a akgela lerole la sona mabitleng a bana ba setjhaba.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, empa e seng jwaloka ntatae, leha e le jwaloka mmae; hobane a heletsa ditshwantsho tsa Baale, tse entsweng ke ntatae.


Teng, Bafilesta ba lahla ditshwantsho tsa bona; Davida a laela, tsa ba tsa tjheswa mollong.


a qhaqha dialetare, a pshatla diashera le ditshwantsho tse betlilweng, mme a di etsa phofo; hape, a heletsa ditshiya tsohle tsa letsatsi lefatsheng lohle la Iseraele; a ntoo kgutlela Jerusalema.


Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.


Empa seo le tshwanetseng ho ba etsa sona, ke sena: Le qhaqhe dialetare tsa bona, le bolaye ditshiya tsa bona, le reme diashera tsa bona, le tjhese ditshwantsho tsa bona tse betlilweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ