Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ha ba qetile ho hlahisa ditjheso, Jehu a re ho dititimi le ho matona: Kenang, le ba bolaye; ho se ke ha tswa leha a le mong. Ba ba bolaya bohle ka lerumo. Dititimi le matona ba ntoo ba lahlela kantle, mme ba kena le motseng wa ntlo ya Baale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Hanghang hoba Jehu a qete ho etsa nyehelo ya setjheso, a re ho balebedi le ho balaodi: “Kenang, le ba bolaye! Ho se be le ya mong ya ka tswang!” Ba ba bolaya ka disabole. Balebedi le balaodi ba ba lahlela kantle, ba nto kena kaharehare ho tempele ya Baale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:25
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile Elia o re ho bona: Tshwarang baporofeta ba Baale, ho se ke ha tlola le a mong. Ba ba tshwara, mme Elia a ba theosetsa molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela teng.


Yaba setjhaba sohle sa naha se kena ka tlung ya Baale, sa e qhaqha; dialetare le ditshwantsho tsa teng ba di robaka dikoto, ba di qeta; ba bolaya le Matthane, moprista wa Baale, pela dialetare. Moprista a ntoo bea bahlahlobi hodima ntlo ya Jehova.


Le baprista bohle ba nqalo tse diphahameng, a ba bolaela dialetareng, mme a tjhesa masapo a batho hodima tsona; a ntoo boela Jerusalema.


Ya hlabelang medimo esele mahlabelo, kantle ho Jehova a nnotshi, a neelwe anathema.


A re ho bona: Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: E mong le e mong wa lona a tlame sabole ya hae thekeng la hae, le ye le diahelo ho tloha monyakong o mong ho ya ho o mong, mme e mong le e mong wa lona a bolaye ngwanabo, mang motswalle wa hae, mang wa habo.


Jwale, morena a re ho dititimi tse emeng pela hae: Emang, le bolaye baprista ba Jehova, hobane ba emetse Davida; hape ba tsebile ha a baleha, mme ha ba ka ba ntsebisa. Empa bahlanka ba morena ba hana ho isa matsoho ho bolaya baprista ba Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ