Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mme jwale, mpiletseng baporofeta bohle ba Baale, le bahlanka ba hae bohle, le baprista ba hae bohle, ho se ke ha hlokeha leha a le mong; hobane ke rata ho etsetsa Baale sehlabelo se seholo. Mang le mang ya ka hlokehang a ke ke a phela. Athe Jehu o ne a etsa ka mano, hore a tle a timetse bohle ba sebeletsang Baale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ka baka lena, mpitsetseng baporofeta bohle ba Baale, le bahlanka bohle ba hae, le baprista bohle ba hae. Ho se be le ya mong ya tla ba siyo, hobane ke tla etsetsa Baale sehlabelo se seholo. Mang kapa mang ya tla ba siyo a ke ke a phela.” Feela Jehu o ne a etsa leqheka, ka morero wa hore a tle a bolaye ba rapelang Baale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:19
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Romela jwale, o mpokellele Baiseraele bohle thabeng ya Karmele, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane a mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashtarothe ba makgolo a mane, ba jelang tafoleng ya Jesebele.


Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, ba batla ba eba makgolo a mane; a re ho bona: Hleka ke tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re ho yena: Nyoloha, hobane Morena o tla o neela matsohong a morena.


Yaba Jehu o bokella setjhaba sohle, a re ho sona: Akabe o sebeleditse Baale hanyenyane, Jehu yena o tla mo sebeletsa haholo.


Elisha a re ho morena wa Iseraele: Ke na le taba efe le wena? Ikele ho baporofeta ba ntatao le ho baporofeta ba mmao! Empa morena wa Iseraele a re ho yena: Tjhe, hobane Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe.


Na le rata ho bua leshano bakeng sa Modimo na? Na le ka bua tse thetsang sebakeng sa wona na?


Motho ya qekisang wa habo o tjheha sefi maotong a hae.


Empa ke tshohile, esere mohlomong, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona, le ya lona mehopolo e ka senyeha, ya timellwa ke nnete e ho Kreste.


Empa re lahlile dintho tse patwang tse dihlong; mme ha re tsamaye ka mano, ha re tswakanye lentswe la Modimo, empa ka ho hlahisa nnete, re iketsetsa kemelo matswalong a batho bohle pela Modimo.


Hobane dikgothatso tsa rona hase tse tswang leshanong, leha e le ditshileng, leha e le manong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ