Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 A tloha teng, a kopana le Jonadabe, mora Rekabe, a tlile ho mo kgahlanyetsa. A mo dumedisa, a re ho yena: Na pelo ya hao e tshweu, jwalokaha pelo ya ka e le tshweu bakeng sa pelo ya hao na? Jonadabe a re: E tshweu. Yena a re: Ha ho le jwalo, nnee letsoho la hao. A mo neela letsoho la hae. A mo neela letsoho la hae, a mo nyollela koloing.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Hoba Jehu a tlohe moo Motebong, a kopana le Jehonadabe, mora wa Rekabe, a etla ho tla mo kgahlanyetsa. Jehu a mo dumedisa, mme a re ho yena: “Na o nthata jwalokaha ke o rata?” Jehonadabe a araba, a re: “Ho jwalo!” Jehu a re: “Haeba ho le jwalo, ntshware ka letsoho.” Jehonadabe a mo tshwara ka letsoho, mme Jehu a mo hlwesetsa ka kariking ya ntwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:15
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hosasa Labane a tsoha, a aka bara ba hae le baradi ba hae, a ba hlohonolofatsa. Yaba Labane o tloha, a kgutlela ha habo.


Jakobo a hlohonolofatsa Faro, mme a tloha pela Faro.


Josefa a tlisa Jakobo, ntatae, a mmea pela Faro, mme Jakobo a hlohonolofatsa Faro.


Banna bao ba lekanya eka ke taba e molemo; ba phakisa ba nka polelo eo ya hae, ba re: Ben-Hadade ke ngwaneno. A re: Eyang, le mo late. Ben-Hadade a tswela ho yena; mme Akabe a re: a kene koloing ya hae.


Jehu a kgahlana le banababo Akasia, morena wa Juda, a re: Le bomang? Ba re: Re banababo Akasia: re theohile ho ya dumedisa bara ba morena le bara ba mofumahadi.


A re: Ba tshwareng ba sa utlwa. Mme ba ba tshwara ba sa utlwa, ba ba bolaela lemeneng la ntlo ya badisa; e le banna ba mashome a mane a metso e mmedi, ho se ke ha tlola le a mong.


Sebohodi sa pheta sa re: O fihlile ho bona, empa ha a boye; ho kgemisa ha bona eka ho kgemisa ha Jehu, mora Nimshi, hobane o kgemisa ka bohale.


Haele masika a bangodi ba neng ba ahile Jabetse, ke Bathireathe, Bashimeathe, le Basukathe. Ke bona Bakene ba tswileng ho Hamathe hlooho ya ntlo ya Rekabe.


Bona ba ntsha matsoho, ba itlama jwalo hore ba tla kgutlisa basadi ba bona; mme kahobane ba ne ba le molato, ba hlabela molato wa bona sehlabelo sa pheleu e ntjha.


Monyako wa Moitedi wona wa lokiswa ke Malkija, mora Rekabe, monga setereke sa Bethe-Hakkereme; a o haha, mme a kenya mamati a wona le dinotlolo le mekwallo.


Ke mang ya tlang ho nkemela ho ba bolotsana? Ke mang ya tlang ho nthusa bakeng sa ba etsang bobe?


Eya ho bana ba Rekabe, mme o bue le bona; o ba tlise ka tlung ya Jehova, kamoreng e nngwe, o ba nee veine ho nwa.


O kgesitse kano, o tlotse selekane; o bile o neile Faro letsoho la hae; o entse tseo tsohle; ha a ka ke a phonyoha.


Eo a re: Nka utlwisisa jwang ha e mong a sa nkenye tseleng? Mme a rapela Filipi hore a hlwe, a dule le yena.


Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba re nea matsoho a bolekane, nna le Barnabase, hore rona re ikele ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


Le be jwaloka nna, hobane le nna ke jwaloka lona; ke a le rapela hle, banabeso. Ha le a ka la nketsa hampe ka letho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ