Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 10:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A re: Ba tshwareng ba sa utlwa. Mme ba ba tshwara ba sa utlwa, ba ba bolaela lemeneng la ntlo ya badisa; e le banna ba mashome a mane a metso e mmedi, ho se ke ha tlola le a mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Jehu a re: “Ba tshwareng!” Ba ba tshwara, ba ba bolaela pela sediba se hona moo Motebong. E ne e le banna ba mashome a mane a metso e mmedi, mme ba se ke ba siya le ya mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 10:14
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re: Leha ba ka tla ka tsa kgotso, ba tshwareng ba sa utlwa; ha ba tla ka tsa ntwa, le teng le ba tshware ba sa utlwa.


A ntoo ema, a tloha, a ikela Samaria. Ha a fihla pela ntlo eo badisa ba bokaneng ho yona, e pela tsela,


Jehu a kgahlana le banababo Akasia, morena wa Juda, a re: Le bomang? Ba re: Re banababo Akasia: re theohile ho ya dumedisa bara ba morena le bara ba mofumahadi.


A tloha teng, a kopana le Jonadabe, mora Rekabe, a tlile ho mo kgahlanyetsa. A mo dumedisa, a re ho yena: Na pelo ya hao e tshweu, jwalokaha pelo ya ka e le tshweu bakeng sa pelo ya hao na? Jonadabe a re: E tshweu. Yena a re: Ha ho le jwalo, nnee letsoho la hao. A mo neela letsoho la hae. A mo neela letsoho la hae, a mo nyollela koloing.


A eketsa a ba ngolla lengolo, a re: Ha le fela le nkemela, mme le rata ho utlwa lentswe la ka, nkang dihlooho tsa batho bao, e leng bara ba monga lona, le tle ho nna Jisreele hosasane, ha ho le jwalo. Bara ba morena, e leng batho ba mashome a supileng, ba ne ba le ha baholo ba motse ba ba hodisang.


Athalia, mma Akasia, ha a bona hobane mora hae o timetse, a tloha, a timetsa lesika lohle la borena.


A tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, kamoo ntlo ya Akabe e entseng kateng, hobane a ne a nyetse moradi wa Akabe; a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.


Eitse ha Athalia, mma Akasia, a bona hoba mora hae o timetse, a tloha, mme a timelletsa leloko lohle la borena la ntlo ya Juda.


Eitse ha Jehu a ntse a phetha dikahlolo hodima ntlo ya Akabe, a fumana mahosana a Juda le bara ba banababo Akasia ba sebeletsa Akasia, mme a ba bolaya.


ha tla batho ba Sikeme, le ba Silo, le ba Samaria, ba mashome a robileng meno e le mmedi, ba beotswe ditedu, le meaparo ya bona e hahotswe, ba phatsitswe, ba tshwere dinyehelo le dibano, ba di tlisa tlung ya Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ