Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 1:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ha e le taba tse ding tsa Akasia, le tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ho phela ha marena a Iseraele?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Diketso tse ding tseo Akasiya a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 1:18
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Taba tse ding tsa Jeroboame, kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a busitseng kateng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.


Haele taba tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a di entseng, le ntlo ya manaka a ditlou eo a e hahileng, le metse yohle eo a e hlomileng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


A shwa ka polelo ya Jehova, eo Elia a e boletseng. Jorame ya eba morena tulong tsa hae, hobane Akasia a ne a se na mora, e le ka selemo sa bobedi sa Jorame, mora Josafate, morena wa Juda.


Haele taba tse ding tsa Jehu, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae wohle, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Haele taba tse ding tsa Joase, le tsohle tseo a di entseng, le matla ao a lwantshitseng Amatsia, morena wa Juda ka wona, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Haele taba tse ding tsa Joakase, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Haele taba tse ding tsa Joase, tseo a di entseng, le matla a hae, le kamoo a lwantshitseng Amatsia, morena wa Juda kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Haele taba tse ding tsa Jeroboame, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a boetseng a hapela Iseraele Damaseka le Hamathe wa Juda kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Haele taba tse ding tsa Sakaria, le tsona di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.


Haele taba tse ding tsa Menaheme, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.


Haele taba tse ding tsa Pekakia, le tsohle tseo a di entseng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova; a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.


Haele taba tse ding tsa Peka le tsohle tseo a di entseng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.


Mohla Jehova a tla nyolosetsa Elia lehodimong ka sefefo, Elia le Elisha ba tloha Gilgale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ