Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 1:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 A shwa ka polelo ya Jehova, eo Elia a e boletseng. Jorame ya eba morena tulong tsa hae, hobane Akasia a ne a se na mora, e le ka selemo sa bobedi sa Jorame, mora Josafate, morena wa Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Akasiya a shwa ho ya ka polelo eo Morena a neng a e bue ho Elia. Kaha Akasiya a ne a se na mora, Jorame, ngwanabo, a mo hlahlama, e le ka selemo sa bobedi sa puso ya Jehorame, mora wa Jehoshafate, kgosi ya Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 1:17
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Phofo e ka pitseng ha e a ka ya fela, le ole e ka sehong ha e a ka ya fela, jwalokaha Jehova a ne a boletse ka Elia.


Koloi ya hae ya hlatsuwa letsheng la Samaria, moo diotswa di tolang, mme dintja tsa nyeka madi a hae, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Josafate o ne a le dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano, ha a qala ho busa: A busa Jerusalema ka lemo tsa mashome a mabedi a metso e mehlano. Lebitso la mmae e ne e le Asuba, moradi wa Shilki.


Josafate a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida, ntatae; mme mora hae, Jorame, ya eba morena tulong tsa hae.


Ha e le taba tse ding tsa Akasia, le tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ho phela ha marena a Iseraele?


A kena Samaria, mme a bolaya mesaletsa yohle ya Akabe e Samaria, a ba timeletsa ka polelo eo Jehova a e boleletseng Elia.


Jorame, mora Akabe, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e mmedi sa Josafate, morena wa Juda; a busa ka lemo tse leshome le metso e mmedi.


Ebile ba kgutla, ba mo tsebisa. A re: Ke yona taba eo Jehova a neng a e boletse ka Elia wa Thishba, mohlanka wa hae, a re: Naheng ya Jisreele, dintja di tla ja nama ya Jesebele;


Josafate, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae; a ipha matla ho lwantsha Iseraele;


Moshe, mohlanka wa Modimo, a shwela hona teng, naheng ya Moabe, ka taelo ya Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ