Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 1:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yaba lengeloi la Jehova le re ho Elia: Theoha le yena, o se ke wa mo tshaba. Yaba o tloha, a theoha le yena ho ya ho morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Lengeloi la Morena la re ho Elia: “Theoha le yena, o se ke wa mo tshaba.” Yaba Elia o a phahama, o theohela le molaodi eo ho kgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 1:15
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.


Elia a re: Ka Jehova wa makgotla ya phelang, eo ke emeng pela hae, ke fela ke tla itlhahisa ho yena kajeno.


Bona, mollo o theohile lehodimong, o bolaile balaodi ba babedi ba mashome a mahlano, ba tlileng pele, e mong le e mong le ba mashome a mahlano ba hae; ka baka lena, bophelo ba ka e be ba bohlokwa mahlong a hao!


Empa lengeloi la Jehova la re ho Elia wa Thishba: Tloha, o ye ho kgahlanyetsa manqosa a morena wa Samaria, o re ho wona: Na ke ho re: ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo le ya botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekrone na?


Jehova ke lesedi la ka le poloko ya ka; nka tshoha mang? Jehova ke qhobosheane ya bophelo ba ka; nka thothomela pela mang?


Ke nna, ke nna ke le tshedisang! Na ke kang ha o ka tshaba motho ya shwang, le ngwana motho ya omellang jwaloka jwang?


Wena he, itlame letheka, o eme, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona; o se ke wa tshaba pela bona, esere ka o thothometsa pela bona.


Ke tla o etsa lerako la koporo le thata ho setjhaba sena. Ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, hobane ke ntse ke na le wena ho o pholosa le ho a namolela, ho bolela Jehova.


Haele wena, mora motho, o se ke wa ba tshaba, o se ke wa tshoha mantswe a bona, leha bona ho wena e le bobatsi le meutlwa, mme o ahile le diphepheng. Se tshohe mantswe a bona, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.


Ka tumelo, o kile a tloha Egepeta, a sa tshabe bohale ba morena, kahobane o ne a tiya jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ