Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Akasia a romela hape la boraro molaodi wa ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano; mme molaodi wa boraro wa ba mashome a mahlano a nyoloha, a tla, a kgumama ka mangole pela Elia, a mo rapela, a re ho yena: Monna wa Modimo, bophelo ba ka le bophelo ba bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano e be ba bohlokwa mahlong a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Yaba kgosi e boela e roma molaodi wa boraro, wa ba mashome a mahlano. Molaodi enwa wa boraro a nyoloha, a fihla a kgumama kapele ho Elia, a mo rapela, a re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ke a o rapela: Ako nqenehele, o qenehele le bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 1:13
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba morena o bua, a re ho monna wa Modimo: Ako rapele Jehova, Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le tsebe ho honyetswa. Monna wa Modimo a rapela Jehova, mme letsoho la morena la boela la honyela, la eba jwaloka pele.


Elia a ba fetola, a re: Ha ke le monna wa Modimo, mollo ha o theohe lehodimong, o o bolaye wena le ba hao ba mashome a mahlano. Yaba mollo wa Modimo o theoha lehodimong, wa mmolaya le ba hae ba mashome a mahlano.


Bona, mollo o theohile lehodimong, o bolaile balaodi ba babedi ba mashome a mahlano, ba tlileng pele, e mong le e mong le ba mashome a mahlano ba hae; ka baka lena, bophelo ba ka e be ba bohlokwa mahlong a hao!


o tla retelehela ho ba lesitsi ba rapelang, mme a ke ke a nyedisa thapelo ya bona.


o tla ba lwela bohorohosong le botubong, madi a bona e be ntho e hlokwang mahlong a hae.


Bahlanka bana ba hao kaofela ba ya tla ho nna, ba iname ho nna, ba re: Tswa, wena, le setjhaba sohle se o setseng morao; mme e be hona ke tswang. Yaba Moshe o tloha ho Faro, a tletse bohale.


Leha o ka tulela lehlanya ka mokgobo, wa le sila ka tshilo le mabele a silwang, le teng bohlanya bo ke ke ba le tlohela.


Bobe bona bo ka ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi, ke hoba kotsi e le nngwe e hlahela bohle; eba pelo tsa bana ba batho di tlala bobe, mme pelo tsa bona di tlala bowatla ho pheleng ha bona; kamora moo, ba ikela ho bafu.


Le ya nne le otlwe ho isa kae, haele moo le ntse le eketsa ho ikgantsha? Hlooho yohle e bohloko, pelo yohle e a kula.


Bara ba bahlorisi ba hao ba tla tla ho wena, ba ikokobeditse; ba o nyatsitseng kaofela ba tla inama maotong a hao; ba tla o bitsa: motse wa Jehova, Sione wa Mohalaledi wa Iseraele.


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.


Ka baka leo, ipeeng katlase ho Modimo, le hanele Diabolose, mme o tla le balehela.


Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.


Ebile Saule o re: Ke sitilwe; boya, Davida, mora ka, hobane ha ke sa tla hlola ke o etsa hampe, ka baka la hobane bophelo ba ka bo bile thata mahlong a hao kajeno lena; bona, ke entse ka bothoto, ke fositse haholoholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ