Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Johanne 1:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mme seo e leng lerato, ke hoba re tsamaye ka taelo tsa hae; mme ke ena taelo, kamoo le e utlwileng kateng, esale ho qaleng, hore le tsamaye ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Seo lerato le leng sona ke hore re tsamaye ka ditaelo tsa hae. Taelo eo esaleng le e utlwa ho tloha tshimolohong ke hore le phele ka lerato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Mme sena ke lerato, hore re tsamaye ka ditaelo tsa hae. Taelo ke ena, hore le tsamaye ho yona jwalokaha le utlwile ho tloha tshimolohong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Mme sena ke lerato, hore re tsamaye ka ditaelo tsa hae. Taelo ke ena, hore le tsamaye ho yona jwalokaha le utlwile ho tloha tshimolohong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Johanne 1:6
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya nang le melao ya ka, mme a e boloka, ke yena ya nthatang; mme ya nthatang o tla ratwa ke Ntate; le nna ke tla mo rata, mme ke tla ipontsha yena.


Jesu a araba, a re ho yena: Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka; Ntate o tla mo rata, mme re tla tla ho yena, re ahe ho yena.


Ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha le nna ke bolokile melao ya Ntate, mme ke dutse leratong la hae.


Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.


Latelang Jehova, Modimo wa lona, le tshabe yena, le boloke ditaelo tsa hae, mme le utlwe lentswe la hae; le mo sebeletse, mme le mo kgomarele.


Jwale lona, seo le se utlwileng esale ho qaleng, se ke se dule ho lona. Ekare ha seo le se utlwileng, esale ho qaleng, se dula ho lona, le lona le tla dula ho Mora le ho Ntate.


Empa ya bolokang lentswe la wona, lerato la Modimo le phethehile ruri ka ho yena; ke kahoo re tsebang hobane re ho wona.


Banabeso, ha ke le ngolle taelo e ntjha, empa e ntse e le taelo ya kgale eo e sa leng le na le yona le ho qaleng; taelo eo ya kgale ke lentswe leo le le utlwileng esale ho qaleng.


Mme ha re tseba hoba o re utlwa ha re kopa eng le eng, re a tseba hoba re na le tseo re di kopileng ho yena.


Hobane ho rata Modimo, ke ha re boloka ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima.


Mme jwale, wena mofumahadi, ke a o rapela, e seng ka ho re, ke o ngolla taelo e ntjha, empa e le eo re bileng le yona esale ho qaleng, e reng, re ratane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ