Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 9:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba o nea morena ditalenta tse lekgolo le nang le mashome a mabedi tsa kgauta, le dibano tse ngatangata, le mahakwe a bohlokwa; ha ho a ka ha hlola ho bonwa le ka mohla o le mong dibano tse ka ka tseo mofumahadi wa Sheba a di neileng morena Salomone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Yaba o nea kgosi kgauta eo boima ba yona bo fetang dikilo tse dikete tse nne, le dinoko tse ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha ho a ka ha hlola ho eba le dinoko tse kang tseo mofumahadi wa Sheba a neng a di fe Solomone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 9:9
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Iseraele, ntata bona, o re ho bona: Ha e ka kgona ho be jwalo, etsang hona: Kenyang mekotleng ya lona dintho tsa bohlokwa tsa naha, le nyehelle motho eo ka tsona; le nkeng balsame, le dinotshi, le dinoko, le mirra, le ditholwana, le diamanda.


A ntoo nea morena ditalenta tse lekgolo le mashome a mabedi tsa kgauta, le dibano tse ngatangata, le mahakwe a bohlokwa; ha ho a ka ha hlola ho tliswa le ka mohla o le mong dibano tse ngata tse ka ka tsee mofumahadi wa Sheba a di neileng morena Salomone.


Hirame o ne a rometse ho morena ditalenta tse lekgolo le nang le mashome a mabedi tsa kgauta.


Mofumahadi wa Sheba eitse ha a utlwa botumo ba Salomone, a tla Jerusalema, ho leka Salomone ka dilotho, a ena le letshwele le leholo haholo le dikamele tse bofileng dibano le kgauta e ngata le mahakwe a bohlokwa. A fihla ho Salomone, mme a mmehela tsohle tseo a di hopotseng pelong ya hae.


Bahlanka ba Hurame le bahlanka ba Salomone ba neng ba lata kgauta Ofire, ba tlisa le difate tsa almuge le mahakwe a bohlokwa.


E mong le e mong o ne a tlisa nyehelo ya hae ya dipitsa tsa silefera le ya dipitsa tsa kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimulete, ka selemo se seng le se seng.


A ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng, o be morena ho kgahlisa Jehova, Modimo wa hao. Modimo o o beile morena wa Baiseraele, ho ba etsa ka bokgabane le ho loka, kahobane o a ba rata, mme o rata hore o ba phedise ka ho sa feleng.


marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.


Ba tla nne ba phele, ba mo nee dikgauta tsa Seba, ba mo rapelle ka dinako tsohle, ba nne ba mmoke kamehla.


Hape, Jehova a re ho Moshe: O nke ntho tse monko o monate, setakte, le dikgetla tse monko o monate, le kgalbano, le dibano tse hlwekileng; di ke di lekane ka boima;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ