Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 9:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng, o be morena ho kgahlisa Jehova, Modimo wa hao. Modimo o o beile morena wa Baiseraele, ho ba etsa ka bokgabane le ho loka, kahobane o a ba rata, mme o rata hore o ba phedise ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena, mme a o bea teroneng, hore o buse ka lebitso la Morena Modimo wa hao. Kahobane Modimo wa hao o ratile Baiseraele, mme o ratile hore ba tsitse kamehla yohle, o o entse kgosi ya bona, hore o ba ahlolele hantle, ka toka.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 9:8
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo wa Iseraele o buile, Lefika la Iseraele le mpoleletse, la re: Ya busang batho ka ho loka, ya renang ka ho tshaba Modimo,


Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme Davida a etsa setjhaba sohle ka ho loka le ka bokgabane.


Ha ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng ya Iseraele! Erekaha Jehova a rata Iseraele kamehla, Jehova o o beile morena, hore o etse ka ho loka le ka tokelo.


Baiseraele bohle, ha ba utlwa kahlolo eo morena a ahlotseng ka yona, ba tshaba morena, ba bona hobane kelello ya Modimo e ho yena, hore a tsebe ho ahlola.


O beile setjhaba sa hao sa Iseraele hore e nne e be setjhaba sa hao ka ho sa feleng, mme wena, Jehova, o bile Modimo wa sona.


Mme hara bara ba ka kaofela — hobane Jehova o nneile bara ba bangata — o kgethile mora ka Salomone, hore a dule teroneng ya mmuso wa Jehova Iseraeleng.


Yaba Davida o boka Jehova pela phutheho kaofela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele ntata rona, o bokwe ka ho sa feleng le ka ho sa feleng!


Davida a boela a re ho phutheho kaofela: Jwale, bokang Jehova, Modimo wa lona! Ebile moo phutheho yohle e bokang Jehova, Modimo wa bontata bona; ba inama, ba kgumama pela Jehova le pela morena.


Salomone a dula teroneng ya Jehova, ya eba morena tulong tsa Davida ntatae; a atleha, mme Baiseraele bohle ba mo utlwa.


Mme jwale, le re, le tla fenya mmuso wa Jehova o matleng a bara ba Davida. Efela le batho ba bangata, mme le bile le na le manamane a kgauta ao Jeroboame a le etseditseng medimo ka wona.


Bona, bahlanka ba hao ba remang difate, ke tla ba nea dikore tse dikete tse mashome a mabedi tsa koro, le dikore tse dikete tse mashome a mabedi tsa harese, le dibathe tse dikete tse mashome a mabedi tsa veine, le dibathe tse dikete tse mashome a mabedi tsa ole.


Yaba Hurame, morena wa Tire, o araba ka lengolo leo a le romelang ho Salomone, a re: Kahobane Jehova a ratile setjhaba sa hae, Jehova o o beile morena hodima sona.


Ba lehlohonolo, batho ba hao! Ba lehlohonolo, bahlanka bana ba hao, ba hlolang ba eme pela hao, ba utlwang bohlale ba hao!


Yaba o nea morena ditalenta tse lekgolo le nang le mashome a mabedi tsa kgauta, le dibano tse ngatangata, le mahakwe a bohlokwa; ha ho a ka ha hlola ho bonwa le ka mohla o le mong dibano tse ka ka tseo mofumahadi wa Sheba a di neileng morena Salomone.


A nntshetsa sebakeng, a mpholosa; hobane a ne a nthata.


ba re: O itshepetse Jehova, a ke a mo pholose, a mmoloke, haele moo a kgahliswa ke yena!


O tla ahlola setjhaba sa hao ka ho loka, le mafutsana a hao ka bokgabane.


Ke wena o leng matla a morena ya ratang toka, o a tiisitse ho lokeng. O hlahisitse ho loka le tokelo ho Jakobo.


Ho etsa ho hotle le ho lokileng ho kgahlisa Jehova, ho ena le sehlabelo.


Ke ka ho loka morena a tiisang mmuso; empa ya amohelang dimpho o a o diha.


Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.


Ha o sa tla hlola o bitswa Motlohelwa, naha ya hao e ke ke ya nna ya bitswa Nahathothe; empa o tla bitswa Moratuwa, lefatshe la hao le bitswe Monyaduwa, hobane Jehova o thaba ka wena, mme lefatshe la hao le tla bona monyadi.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Empa kahobane Jehova a le ratile, mme a bolokile kano eo a e anetseng bontata lona, Jehova o le ntshitse Egepeta, ka letsoho le matla, mme o le lopolotse tlung ya bohlanka, le letsohong la Faro, Morena wa Egepeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ