Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 le dijo tsa tafole ya hae, le ditulo tsa bahlanka ba hae, le dikabelo tsa tsebeletso ya bahlanka ba hae, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae le diaparo tsa bona, le methatinyana ya hae eo ho neng ho nyolohelwa tlung ya Jehova ka yona, a shwa pelo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 le dijo tseo a di jang, le moo matona a hae a dulang teng, le moo basebeletsi ba hae ba emang teng, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae, le diaparo tsa bona, le dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena, a kgathala matla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 9:4
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le dijo tsa tafole ya hae, le ditulo tsa bahlanka ba hae, le dikabelo tsa matona a hae, le diaparo tsa wona, le baqhatsetsi ba hae, le methathinyana eo a nyolohelang tlung ya Jehova ka yona, a shwa pelo,


O a tseba hobane ntate Davida o sitilwe ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa hae, ntlo, ka baka la dintwa tse mo hlahetseng hohle, ha ba ha fihla nako eo Jehova a beileng dira tsa Davida tlasa maoto a hae.


Le mathule a kwahetsweng a Sabatha a hahilweng ka tlung, le monyako wa morena o kantle, a di fetola ka tlung ya Jehova, ka baka la morena wa Assiria.


ho fihlela jwale, o ne a lebeletse monyako wa morena ka nqa botjhabela; e be e le bona balebedi ba menyako dihlopheng tsa bara ba Levi.


Ha a tadima, a bona morena, a ema pela tshiya ya hae, monyako, le mahosana le ba letsang diterompeta ba eme pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, ho letswa diterompeta, mme dibini di tsamaisa dithoko ka diletsa. Yaba Athalia o hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! phetohelo! phetohelo!


Eitse hobane mofumahadi wa Sheba a bone bohlale ba Salomone, le ntlo eo a e hahileng,


mme a re ho morena: Seo ke neng ke se utlwile naheng ya ka sa diketso tsa hao le bohlale ba hao e ne e le nnete.


Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno. Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.


KAF. Moya wa ka o labalabela poloko ya hao; ke ntse ke lebeletse pallo ya hao.


Jehova, phakisa o nkarabe; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke tle ke se ke ka tshwana le batho ba theohelang lebitleng.


Le ho ba hlokang kelello bo re: Tloong, le je bohobe ba ka, le nwe le veine eo ke e tswakileng.


Baradi ba Jerusalema, ke a le antsha, ke re: Ha le bona moratuwa wa me, na le tla reng ho yena? ... Le re: Ke bohloko ke lerato.


Haele morena, morena yena o tla dula teng ho jela bohobe teng pela sefahleho sa Jehova. O tla kena ka tsela ya mathule a monyako, a boele a tswe ka tsela yona eo.


Morena o tla tla ka tsela ya mathule a monyako, ka nqa kantle, a eme pela dikosene tsa monyako; baprista ba tla hlaba setjheso sa hae le mahlabelo a hae a teboho; o tla kgumama mohatong wa monyako, a ntoo tswela ntle; mme monyako o se ke wa kwalwa ho isa mantsiboya.


Na mohlanka wa morena ka a ka bua jwang le morena ka? Ebile moo ke fellwang ke matla, ka sitwa ke ho ntsha moya.


empa ke a le bolella hoba esita le Salomone, kganyeng yohle ya hae, ha a ka a ba le seaparo se jwaloka sa e nngwe ya tsona.


Ho lehlohonolo bahlanka bao, morena ha a fihla, a tla ba fumana ba fadimehile! Kannete ke re ho lona: O tla itlama, a ba dudise dijong, mme o tla atamela, a ba sebeletse.


Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota; ekare ha e mong a utlwa lentswe la ka, mme a bula monyako, ke tla kena ha hae, mme ke tla lalla le yena, le yena le nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ