Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 9:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Haele taba tse ding tsa Salomone, tsa ho qala ho isa ho tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya Nathane moporofeta, le ho ya boporofeta ba Akija wa Silo, le tshenolong ya seboni Iddo bakeng sa Jeroboame, mora Nebathe?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Diketso tsohle tsa Solomone, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Nathane, le Bukeng ya Moprofeta Ahiya ya tswang Shilo, le Bukeng ya Dipono tsa Moporofeta Ido e buang ka Jeroboame, mora wa Nebate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 9:29
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o romela Nathane ho Davida, a tla ho yena, a re ho yena: Ho ne ho le banna ba babedi motseng o le mong, e mong e le morui, e mong e le mofutsana.


mme Jehova a romela ka moporofeta Nathane ho mo rea lebitso la Jedidia (moratuwa wa Jehova), ka baka la Jehova.


Empa moprista Tsadoke, le Benaia mora Jehojada, le moporofeta Nathane, le Shemei, le Rei, le bahlabani ba Davida, ha ba ka ba emela Adonija.


Jeroboame, mora Nebathe, Moefrata wa Tsereda, mohlanka wa Salomone, le yena a kwenehela morena. Mmae e ne e le Tserua, mosadi wa mohlolohadi.


Mohlang oo, Jeroboame, ha e etswa Jerusalema, moporofeta Akija wa Silo a teana le yena tseleng, a apere kobo e ntjha; e ne e le bona ba babedi naheng.


Jeroboame a re ho mosadi wa hae: Tloha, o ikgakanye, ho tle ho se ke ha tsejwa hobane o mosadi wa Jeroboame; o ye Silo; bona, moporofeta Akija o hona teng; ke yena ya neng a mpolelle hore ke tla ba morena wa setjhaba sena.


Haele ditaba tsa morena Davida, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Samuele seboni, le bukeng ya ditaba tsa Nathane moporofeta, le bukeng ya ditaba tsa Gade seboni,


Eitse Jeroboame, mora Nebathe, ha a utlwa — o ne a le Egepeta moo a neng a balehetse teng ke ho tshaba morena Salomone — Jeroboame a kgutla Egepeta.


Haele ditaba tsa Roboame, tsa ho qala le tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe dibukeng tsa Shemaia moporofeta le tsa Iddo seboni, dibukeng tsa meloko? Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Roboame le Jeroboame tshiung tsohle tsa bona.


Haele ditaba tse ding tsa Abija, le tseo a di entseng, le mantswe a hae, di ngodilwe bukeng ya dihlaloso tsa moporofeta Iddo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ