Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 9:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 E mong le e mong o ne a tlisa nyehelo ya hae ya dipitsa tsa silefera le ya dipitsa tsa kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimulete, ka selemo se seng le se seng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Motho ka mong a mo tlisetsa dimpho tsa hae, dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimmeile. Hona ho ne ho etsahala ka selemo le selemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 9:24
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ntoo nea morena ditalenta tse lekgolo le mashome a mabedi tsa kgauta, le dibano tse ngatangata, le mahakwe a bohlokwa; ha ho a ka ha hlola ho tliswa le ka mohla o le mong dibano tse ngata tse ka ka tsee mofumahadi wa Sheba a di neileng morena Salomone.


E mong le e mong o ne a tlisa mpho ya hae ya dipitsa tsa silefera, le dipitsa tsa kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le diesele. E bile taba tsa lemo se seng le se seng.


Hirame o ne a rometse ho morena ditalenta tse lekgolo le nang le mashome a mabedi tsa kgauta.


Esita le Bafilesta ba bang ba tlisetsa Josafate dinyehelo le ditjhelete tsa lekgetho; le Baarabe ba mo tlisetsa dinku, e le dipheleu tse dikete tse supileng tse nang le makgolo a supileng le diphooko tse dikete tse supileng tse nang le makgolo a supileng.


Marena wohle a lefatshe a ne a etela Salomone ho tla mamela bohlale boo Modimo o bo kentseng pelong ya hae.


Yaba o nea morena ditalenta tse lekgolo le nang le mashome a mabedi tsa kgauta, le dibano tse ngatangata, le mahakwe a bohlokwa; ha ho a ka ha hlola ho bonwa le ka mohla o le mong dibano tse ka ka tseo mofumahadi wa Sheba a di neileng morena Salomone.


Yaba banababo bohle, le dikgaitsedi tsa hae kaofela, le bohle bao a neng a tsebana le bona pele, ba tla ho yena, ba ja le yena ka tlung ya hae, ba hlakola meokgo ya hae, ba mo tshedisa hodima bohloko bohle boo Jehova a neng a bo tlisitse hodima hae; e mong le e mong a mo nea sekoto sa silefera le lesale la kgauta.


Kgalemela sebata se laletseng mahlakeng, le mohlape wa dipoho hammoho le manamane a ditjhaba tse hatakelang ditjhelete tsa silefera ka maoto. O qhalanye ditjhaba tse ratang ntwa.


marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.


Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a ba hlahisetsa monamoledi, Ehude, mora Gera, Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba romela nyehelo ka yena ho Eglone, morena wa Moabe.


Haele bara ba bang ba Beliale, ba re: Motho eo a ka re namolela jwang? Ba mo nyedisa ke hona, ba se ke ba mo isetsa dinyehelo; a mpa a se ke a re letho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ