Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 9:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Mehope yohle ya morena Salomone e ne e le ya kgauta, le dipitsa tsohle tsa ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e le tsa kgauta e hlwekileng; haele silefera, ho ne ho sa thwe letho ka yona mehleng ya Salomone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Dinwelo tsohle tsa kgosi di ne di entswe ka kgauta, le thepa yohle ya ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e entswe ka kgauta e hlwekisitsweng. Ho ne ho se tse entsweng ka silefera, hobane mehleng ya Solomone silefera e ne e sa tadingwe e le letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 9:20
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehope yohle ya morena Salomone e ne e le ya kgauta, le dipitsa tsohle tsa ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e le tsa kgauta e hlwekileng; ho ne ho se pitsa ya silefera: ho ne ho sa thwe letho ka yona mehleng ya Salomone.


Hape, ho ne ho le ditau tse leshome le metso e mmedi tse emeng hona teng, methatinyaneng e tsheletseng, ka nqa tse pedi ho yona. Ha ho a ka ha etswa ntho e jwalo mmusong ofe le ofe.


Hobane dikepe tsa morena di ne di ya Tarshishe le bahlanka ba Hurame, mme ha ho fetile dilemo tse tharo, kepe tsa Tarshishe di ne di fihla, di tlisa kgauta le silefera, le manaka a ditlou, le ditshwene, le dipikoke.


Morena a etsa hore Jerusalema silefera e be jwaloka majwe, le dikedare di be jwaloka disikomora tse dithoteng, kamoo di neng di le ngata kateng.


Ha nwelwa mehopeng ya kgauta, mehopeng e mefutafuta, veine ya morena e le ngata kamoo morena a ratileng ho fana kateng.


Ha ho le jwalo, lesang ho tshepa motho, eo phefumoloho ya hae e leng masobeng a dinko tsa hae; na a ka thusang?


O sa tla be o leme merara dithabeng tsa Samaria; balemi ba yona ba tla e lema, ba itjelle tsa yona.


empa ke a le bolella hoba esita le Salomone, kganyeng yohle ya hae, ha a ka a ba le seaparo se jwaloka sa e nngwe ya tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ