Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 9:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Salomone a mo araba dipotsong tsa hae tshole, ho se ke ha eba taba le e nngwe e hlolang Salomone, kapa eo a sa kang a mo hlalosetsa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Solomone a araba dipotso tsohle tsa hae, ha se ke ha eba letho le mo thatafallang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 9:2
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

bona, ke se ke entse kamoo o boletseng kateng. Bona, ke o nea pelo e kelello le kutlwisiso; le pele ha ho a ka ha eba le a mong ya kang wena, le morao ho ke ke ha hlaha le a mong ya kang wena.


Modimo wa nea Salomone bohlale le kutlwisiso e kgolo haholo, le kelello e ngata, e ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle.


Mofumahadi wa Sheba eitse ha a utlwa botumo ba Salomone, a tla Jerusalema, ho leka Salomone ka dilotho, a ena le letshwele le leholo haholo le dikamele tse bofileng dibano le kgauta e ngata le mahakwe a bohlokwa. A fihla ho Salomone, mme a mmehela tsohle tseo a di hopotseng pelong ya hae.


Eitse hobane mofumahadi wa Sheba a bone bohlale ba Salomone, le ntlo eo a e hahileng,


Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.


Dipolelo tsa molomo wa motho di ka kwetsa, mme mohlodi wa bohlale ke noka e phallang.


Yaba o re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo, athe ho bao ba kantle tsohle di etswa ka ditshwantsho;


O ne a se ke a ba bolella letho haese ka ditshwantsho; ere ha a le kathoko, a qaqisetse barutuwa ba hae ditaba tsohle.


Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etswang ke morena wa hae; ke le bitsitse metswalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.


eo matlotlo kaofela a bohlale le a tsebo a patilweng ka ho yena.


Hobane Lentswe la Modimo ke lentswe le phelang, le matla, mme le fetisa ka bohale disabole tsohle tse leoditsweng ka nqa tse pedi; mme le a hlaba, le ye ho kena le dikgaohanong tsa pelo le tsa moya, le manonyellong le mokong; mme le ahlola maikutlo le mehopolo ya pelo.


Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, o sitsang bohle ka phano e kgolo, o se na ho kganana, mme o tla bo newa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ