Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 9:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka difate tsa almuge, morena a etsa methatinyana ya ho nyolohela tlung ya Jehova le tlung ya morena, le diharepa le diviole tsa dibini. Fate tse kalo di ne di eso ho bonwe le pele lefatsheng la Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ka difate tsena tsa alemaka kgosi ya etsa mehato e nyolohelang ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi; ya etsa le diharepa le dikatara tsa dibini. Naheng yohle ya Juda ho ne ho eso ka ho bonwa tse jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 9:11
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a nka difate tsa almuge, a etsetsa ntlo ya Jehova le ntlo ya morena metero, le diharepa le diviole tsa dibini. Ho ne ho eso ho tle difate tsa almuge tse kalo, le ho bonwa, ho ne ho eso ho bonwe tse kalo, le kajeno.


balebedi ba menyako ba ke ba etse dikete tse nne, mme ba kete tse nne e be ba tla rorisa Jehova ka diletsa tseo ke di entseng hore a roriswe ka tsona.


Yaba Davida le balaodi ba makgotla ba kgetha bara ba bang ba Asafe, le ba Hemane, le ba Jeduthune, ba tle ba porofete ba ithusa ka diharepa le diviole le disimbala. Ke ena palo ya banna ba kentsweng mosebetsing wa tshebetso eo ya bona:


Nthomele dikedare tsa Lebanone, le dikiprese, le dialmuge; hobane ke a tseba hoba bahlanka ba hao ba hlalefetse ho rema difate Lebanone.


Bahlanka ba Hurame le bahlanka ba Salomone ba neng ba lata kgauta Ofire, ba tlisa le difate tsa almuge le mahakwe a bohlokwa.


Morena Salomone yena a nea mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a di lakaditseng, ho feta tseo a neng a di tliseditse morena. Yaba o a tloha, a kgutlela naheng ya hae le bahlanka ba hae.


Eitse hobane e nke buka eo, dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba kgumama pela Konyana, ba nkile, e mong le e mong, harepa le pitsana ya kgauta e tletseng tse monko o monate, e leng merapelo ya bahalaledi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ